Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 4:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Thaba, o nyakalle, moradi wa Edomo, ya ahileng lefatsheng la Utse; senwelo se tla fihla le ho wena, le wena o tahwe, o be o hlobole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Thabang, le nyakalle, lona baahi ba Edomo, lona ba ahileng naheng ya Use, le lona nyakallang! Senwelo sena se tla fetisetswa ho lona, le tahwe, le tsole, le sale le le feela!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 4:21
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova o ne a kokobetsa Bajuda jwalo ka baka la Akase, morena wa Iseraele; hobane a ne a entse ka bohlola naheng ya Juda, a bile a sitetswe Jehova ka mekgwa e mengata.


Monna o ne a le teng naheng ya Utse; lebitso la hae e le Jobo; e ne e le motho ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe.


Jehova, o elellwe bana ba Edomo, kamoo ba itseng letsatsing la Jerusalema kateng: Qhaqhollang, qhaqhollang ho isa metheong ya hae!


Mohlankana, thabela botjha ba hao, mme pelo ya hao e ke e o nyakalatse matsatsing a botjha ba hao, o tsamaye ka dithato tsa pelo ya hao le ka tjhadimo ya mahlo a hao;


Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ba neng ba sa lokele ho nwa ba tla nwa senwelo, mme wena, o ka be o sa kgalemelwe na? O ke ke wa leswa o sa kgalemelwe, empa e ka kgona o nwe.


Bakeng sa Edomo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Na ha ho sa le bohlale Themane? Na kelello e timetse ho baeletsi? Na bohlale ba bona bo fedile na?


Hobane Morena Jehova o re: Erekaha o opile ka diatla le ho tila ka leoto, mme wa thabela kgeso ya lefatshe la Iseraele ka moya wohle wa hao,


Morena Jehova o re: Erekaha Moabe le Seire ba itse: Bonang, ntlo ya Juda e tshwana le ditjhaba tsohle;


Mora motho, erekaha Batire ba tlakile Jerusalema ka ho re: Haiaha! kgoro ya ditjhaba e heleditswe, dintho di ya tla ho nna, ke tla ena, hobane motse o sentswe?


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Edimo — teng nke ke ka fetoha — kahobane o phalletse ngwanabo ka lerumo, o pupeditse mohau wa hae, bohale ba hae bo sa phetse ho harola, mme o boloka kgalefo ya hae kamehla;


Tshenolo ya Obadia. Morena Jehova o bolela tsena hodima Edomo, o re: Re utlwile taba e tswang ho Jehova, mme lenqosa le romilwe hara ditjhaba, le re: Tsohang! A re tsoheng ho mo futuhela!


Tloha, wena moahi wa Shafire (botle), o hlobotse, o le dihlong! Moahi wa Tsaanane (ho tswa) ha a sa tswa; dillo tsa Bethe-Haetsele (ntlo ya phomolo) di re hlokisa tshepo ya hore kotsi e ka ema moo.


O ikgorisitse dihlong bakeng sa kganya; nwa he le wena, o tle o bontshe boqai ba hao. Se tla boela ho wena, senwelo se letsohong le letona la Jehova, mme mahlatsa a dihlong a tla ba teng hodima kganya ya hao.


Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme dihlong tsa hae di se ke tsa bonahala!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ