Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 4:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ba nnile ba dikadika jwaloka difofu mapatlelong, ba itshilafaditse ka madi, mme diaparo tsa bona di ne di se na ho angwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ba nnile ba lelera sa banna ba difofu, ba lelera hara diterata tsa motse; ba itshilafaditse ka madi haholo, hoo ho seng ya ka amang diaparo tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 4:14
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha le ka otlollela matsoho ho nna, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa dithapelo tsa lona, nke ke ka di mamela: matsoho a lona a tletse madi.


Dibohodi tsa hae ke difofu kaofela; ha di lemohe letho, ke dintja tse dimumu, tse sitwang ho bohola: di lora di bothile, di rata boroko.


Etswe le mosehong wa kobo ya hao ho fumanwa madi a meya ya mafutsana a se nang molato, ao o sa kang wa a tshwara a phunya ntlo ya hao, empa e le ka baka la mekgwa eo ya hao yohle.


Eitse ha Jeremia a setse a qetile ho bolela tsohle tseo Jehova a mo laetseng ho di bolella setjhaba kaofela, baprista le baporofeta le setjhaba kaofela, ba mo tshwara, ba re: O tla shwela ruri!


Empa batho ba lokileng ba tla ba ahlola ka kahlolo ya basadi ba bafebi, le ka kahlolo ya ba tshollang madi; hobane efela ke bafebi, mme ho na le madi matsohong a bona.


Ho a hlapanngwa, ho a thetswa, ho a bolawa, ho a utsuwa, ho a fejwa, ho tsohelwa batho matla, mme madi a ntse a tshollwa hodima madi a mang.


Ke tla bea batho tlokotsing, mme ba tla tsamaya jwaloka difofu, kahobane ba sitetswe Jehova; madi a bona a tla tshollwa jwaloka lerole, le nama ya bona jwaloka bolokwe.


E mong le e mong ya tla ama motho ya bolailweng naheng ka lerumo, kapa setopo, kapa masapo a batho, kapa lebitla, etlaba ha a hlweka ho fihlela matsatsi a supileng.


Le ke ke la silafatsa naha eo le tlang ho aha ho yona; hobane madi a silafatsa naha; ho ke ke ha etswa pheko esele ya madi a tsholotsweng ho yona, haese ka madi a ya a tsholotseng.


Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.


bao mehopolo ya bona e leng lefifing, mme ba hole le bophelo ba Modimo ke ho se tsebe ho leng ho bona, ka baka la bothata ba dipelo tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ