Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 4:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke ka baka la sebe sa baporofeta ba hae le la bolotsana ba baprista ba hae, ba nnileng ba tsholla madi a ba lokileng kahare ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Di kenwe ka baka la dibe tsa baporofeta ba wona, ka baka la makgopo a baprista ba wona, ba tsholotseng madi a ba lokileng, ba a tsholla hara motse wa Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 4:13
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jehova o re ho nna: Baporofeta ba ba porofetela leshano ka lebitso la ka; ha ke a ka ka ba roma, ha ke a ka ka ba nea taelo, ha ke a ka ka bua ho bona. Ba le porofetela pono tsa leshano, le bonohe, le bosawana, le thetso ya dipelo tsa bona.


Hobane e se e le kgale o robile joko ya hao, o lokolotse ditlamo tsa hao, wa re: Ha ke sa tla sebeletsa. Ke moo o ineetseng bootswa marallaneng wohle a phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku.


Ke kgalemetse bana ba lona ka lefeela; ha ba amohele tayo; lerumo la lona le bolaile baporofeta ba lona jwaloka hoja ke tau e harolang.


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba busa hammoho le bona, mme setjhaba sa ka se ikgahlisetsa teng. Le tla etsang qetellong?


Hobane ba hlile ba ineela takatso ya ho rua kaofela, e monyenyane le e moholo; moporofeta le moprista e mong le e mong ba etsa bohata.


Baporofeta ba hao ba ile ba o bonela mashano le bosawana, ha ba ka ba o kwahollela bokgopo ba hao, hore ba tle ba kgelose kgoleho ya hao, ba mpa ba o boleletse ditshenolo tsa leshano le tsa thetso.


Le atisitse babolauwa ba lona motseng, le tlatsitse diterata tsa wona ka ba bolailweng.


Ho na le tumellano ya boikgantsho ho baporofeta ba ho yona, ho ka tau e purumang, e rusollang thusolelo; ba ja meya ya batho, ba nka maruo le ntho tsa bohlokwa, ba atisa basadi ba bahlolohadi hara naha.


Le ikahlola jwalo hobane le le bana ba ba bolaileng baporofeta,


Ke ofe moporofeta eo bontata lona ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bile ba bolaile le ba boletseng pele ho tla ha Ya lokileng eo le mo ekileng jwale, eo le leng babolai ba hae;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ