Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 4:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Na kgauta e hlile e a fifala jwang? Kgauta e lekilweng e fetohile mmala jwang! Majwe a sehalalelo a hasane keng dikoung tsa mapatlelo wohle na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Kgauta e phatsimang e fifetse hakaakang! Kgauta e hlwekileng e silafetse hakaakang! Majwe a bohlokwa a qhalane kahohle hukung tsa diterata tsohle!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 4:1
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na motse o tshepehileng o fetohile jwang seotswa? O ne o tletse toka, ho loka ho ne ho ahile ho wona, empa jwale o tletse babolai.


O wele jwang lehodimong, mphatlalatsane, mora mafube? O rapaladitswe jwang fatshe, wena, mohlaseladitjhaba?


A tjhesa ntlo ya Jehova, le ntlo ya morena, le matlo wohle a Jerusalema, a tjhesa matlo a maholo kaofela ka mollo.


Tsoha, o dumadume ka bosiu, qalong ya tebelo; o tsholle pelo ya hao jwaloka metsi pela sefahleho sa Morena! Emisetsa diatla tsa hao ho yena, bakeng sa bophelo ba bana ba banyenyane ba hao ba shwang ke tlala koung tsa mapatlelo wohle.


Mora motho ba ntlo ya Iseraele ho nna ba fetohile manya; ke koporo feela, le tine, le tshepe, le loto tse seboping; kaofela ha bona ke manya a silefera.


Ka baka leo, ke tla fetola motse wa Samaria, o be jwaloka sefika sa majwe se pela tshimo, le moo ho ka lengwang merara; ke tla akgela majwe a wona thotaneng, ke kwaholle metheo ya wona;


Empa Jesu a re: Le a di bona ntho tseo tsohle? Kannete ke re ho lona: Ha ho ka ke ha leswa teng lejwe hodima lejwe le leng, le sa heletswang.


Jesu a araba, a re ho yena: O a e bona mehaho e meholo eo? Ha ho ka ke ha leswa mona lejwe hodima lejwe le leng, le sa heletswang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ