8 Le hona ha ke howeletsa, mme ke meketsa, o thibela thapelo ya ka.
8 Leha ke bokolla, ke batla thuso, thapelo ya ka ha a e mamele.
Bonang, le dumaduma hodima bothata boo ke bo etswang, empa ha ke bone karabo; ke howa ka matla, empa ha ho ya nkahlolelang.
Ke howeletsa ho wena, ha o nkarabe. Ke eme mona, o ntonela mahlo;
Modimo wa ka, ke bitsa motshehare, mme ha o arabe; le bosiu, mme ha ke bone phomolo.
Jehova, Modimo wa makgotla, o tla nne o halefe ho isa kae, leha setjhaba sa hao se ntse se o rapela?
O ikapesitse ka kgalefo, wa re phallela; o bolaile, ha o a ka wa qenehela.
O ikwahetse ka leru, thapelo ya rona e tle e se ke ya finyella.
Jehova, ke tla howeletsa ho le hokae, o sa nkutlwe? Ke tla bitsa ho wena ho le hokae ka baka la ho tsohelwa matla, o sa mpholose?
Ha ho batlile ho ba hora ya boroba mono o le mong, Jesu a howa ka lentswe le leholo, a re: Eli, Eli, lamma sabakthani? ke ho re: Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntloheletseng?
hobane e mong le e mong ya kopang o a fuwa, mme ya batlang o a fumana, mme ho tla bulelwa ya kokotang.