Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 3:59 - Sesotho 1909/1961 (SO)

59 Jehova, o bone botubo ba ka, o nkahlolele ka ho loka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

59 O bone kamoo ke tujwang kateng, ako nkahlolele ka toka, Morena!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 3:59
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Ragele o re: Modimo o nkahloletse, o bile o mametse lentswe la ka, o nneile mora. Ka baka leo, a mo rea lebitso la Dane (moahlodi).


Hojane Modimo wa ntate, Modimo wa Abrahama, o tshajwang ke Isaaka, o se ke wa eba le nna, o ka be o nkgutlisitse ke le feela. Modimo o bone ho hloreha ha ka, le ho kgathala ha diatla tsa ka, mme o o kgalemetse maobane.


Athe o a bona; hobane o tadima hlokofalo le matshwenyeho, mme o di ngola letsohong la hao. Ya madimabe o itshepetse wena; esale o le moemedi wa kgutsana.


Nkahlolele, Jehova! hobane ke phela ka toka ya ka; ke itshepetse Jehova, ha ke sisinyehe.


Jehova, o tsekise ba ntsekisang, o lwantshe ba ntwantshang.


Tsoha, o phaphame ho nkahlolela, Morena wa ka, Modimo wa ka, o lokise ditaba tsa ka!


Oho Modimo, o nkahlolele, o nkemele ho setjhaba se se nang mohau! O mpoloke ho motho ya leshano, ya kgopo.


Hobane o emela taba tsa ka le tokelo tsa ka; o dutse teroneng ya hao, o le moahlodi ya lokileng.


Ho madimabe nna, mme, ha o ntswetse ke le motho ya kgang le wa tseko ho lefatshe lena lohle; ha ke a ka ka adima letho, mme ha ke a ka ka adingwa letho; leha ho le jwalo, ba nthohaka kaofela.


ha ba kgohlisa motho nyeweng ya hae, Morena na ha a bone na?


O bone boiphetetso bohle ba bona, le kamoo ba ntherileng kateng.


enereha a rohakwa, o ne a sa rohake; ha a ne a utlwiswa bohloko, o ne a sa bope; empa o ne a tshepa ya ahlolang ka ho loka;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ