Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 3:56 - Sesotho 1909/1961 (SO)

56 O utlwile lentswe la ka, ha ke itse: O se ke wa thibella ho fehelwa ha ka le mehoweletso ya ka tsebe ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

56 Wa utlwa lentswe la ka ha ke ne ke re: “Se thibe tsebe ya hao ha ke fehelwa, ha ke fehelwa ke bile ke ipiletsa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 3:56
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A o rapela, mme wa mamela thapelo ya hae, mme wa utlwa kopo ya hae; wa ba wa mmusetsa Jerusalema, mmusong wa hae, mme kahoo, Manasse a tseba hobane Jehova ke Modimo.


Haele thapelo ya hae, le mokgwa oo Modimo o kileng wa mo mamela, le dibe tsa hae, le tshito tsa hae, le dibaka tseo a kileng a haba dinqalo tse diphahameng ho tsona, le moo a emisitseng diashera le ditshwantsho tse betlilweng, a eso ho ikokobetse, bonang, di ngodilwe bukeng ya Hosai.


ba nyoloseditse mehoweletso ya basenyehi ho wona, mme o utlwile dillo tsa bahlomohi.


Ke bitsa ho Jehova ka lentswe la ka, mme o nkaraba a le thabeng ya hae e kgethehileng. (Sela.)


Mohlomohi ha a rapela, Jehova o a utlwa; o mo pholosa mahlomoleng a hae kaofela.


Mamela lentswe la ka le howeletsang ho wena, Morena wa ka le Modimo wa ka! hobane ke rapela wena.


Jehova, o mamele lentswe la ka e sa le kameso; e sa le kameso ke tadima ho wena, mme ke a lebella.


Oho Modimo, o sekehele thapelo ya ka tsebe, o se ke wa furalla dithapedisiso tsa ka;


O tla ntlosa ke pholohile ntweng ena ba ntwantshang ka yona, leha ba ntwantshang ba le bangata.


o nkutlwe, mme o nkarabe! Ke timeletswe, ke sisa pelo, ke a dumaduma,


empa Modimo o nkutlwile, o mametse lentswe la thapelo ya ka.


Eya o re ho Esekiase: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona ke ya eketsa matsatsi a hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano.


Mme jwale, Modimo wa rona, o mamele thapelo ya mohlanka wa hao le thapedisiso ya hae, o edise sefahleho sa hao hodima sehalalelo sa hao se senyehileng ka baka la Morena!


Hape, le wona Moya o re tlatsa mefokolong ya rona; hobane ha re tsebe seo re tshwanetseng ho se kopa ka tshwanelo; empa Moya wona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ