54 Metsi a ba a nkapesa hlooho, ka re: Ke kgaoletswe.
54 Metsi a phophoma hodima hlooho ya ka, ka ba ka re: “Jwale ke kgatheng la ho timela!”
kapa na ha o bone lefifi le morwallo wa metsi a o apesang?
Ditlamo tsa lefu di na be di nkopetse hare, diphororo tsa tshenyo di ne di ntshositse.
Ka na ka re tsietsing ya ka: Ke tlositswe pela mahlo a hao. Empa o utlwile lentswe la thapedisiso ya ka, ha ke ne ke bitsa ho wena.
ke se ke ka imelwa ke maqhubu a wona, ke se ke ka hohlometswa ke bodiba, lebitla le se ke la kopetsa molomo wa lona hodima ka.
Kgalefo ya hao e tukang e nkwetse hodimo; ke fediswa ke matsoso a hao;
A tloswa mahlomoleng le kahlolong; mme ho kile ha lemoha mang hara ba leloko la hae, hore o kgaotswe lefatsheng la ba utlwang, le hore o otlilwe ka baka la sebe sa setjhaba sa ka?
Ka re: Ke feletswe ke tshepo ya ka le ke tebello ya ka ho Jehova.
Yaba o re ho nna: Mora motho, masapo ao ke ntlo yohle ya Iseraele. Bona, ba re: Masapo a rona a omeletse, tshepo ya rona e timetse, re fedisitswe.
hobane e mong le e mong ya kopang o a fuwa, mme ya batlang o a fumana, mme ho tla bulelwa ya kokotang.