Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke se ke tla ba otla, ba batjha ba shwe ke lerumo, bara ba bona le baradi ba bona ba shwe ke tlala.
Haele setjhaba seo baporofeta ba ntseng ba se porofetela, ba tla rapalletswa diterateng tsa Jerusalema ke tlala le ke lerumo, ho hlokehe ya ba epelang, bona, le basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona; mme ke tla ba tshollela bobe ba bona.
Ha ke tswela naheng, ho bonwa ba bolailweng ke lerumo; leha ke kena motseng, ho bonwa ba shwang ke tlala; hape, haele moporofeta le yena moprista, ba lelera naheng eo ba sa e tsebeng.
Ke tla ba jesa nama ya bara ba bona le nama ya baradi ba bona; e mong o tla ja nama ya motswalle wa hae tsietsing le patisong eo ba tla patiswa ka yona ke bao e leng dira ho bona le ke ba batlang bophelo ba bona.
Jehova o lokile, hobane ke ikgantsheditse ditaelo tsa hae. Mamelang hle, ditjhaba kaofela, le bone bohloko ba ka; barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba ile kgolehong.
Mahlo a ka a eba ke ho lla; mala a ka a duma, sebete sa ka se tsholohela fatshe, ka baka la leqeba la moradi wa setjhaba sa ka, ha ngwana le ya anyang ba akgeha mapatlelong a motse.
Ba batjha le ba hodileng ba rapaladitswe fatshe mapatlelong, barwetsana ba ka le bahlankana ba ka ba wele ke lerumo; o hlile wa bolaya tsatsing la kgalefo ya hao, o bolaile, mme ha o a ka wa qenehela.