Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 3:48 - Sesotho 1909/1961 (SO)

48 Leihlo la ka le tsholla dinoka tsa metsi, ka baka la tshenyeho ya moradi wa setjhaba sa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

48 Mahlo a ka a phorosela dikeledi, di phorosela sa metsi a nokana, ka baka la ho timetswa ha setjhaba sa heso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 3:48
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Diphororo tsa metsi di keleketla mahlong a ka, hobane ha ba boloke molao wa hao!


Mabopong a dinoka tsa Babilona re ne re dutse, re lla, ha re hopola Sione;


Empa ekare ha le sa utlwe hoo, pelo ya ka e tla lla sephiring ka baka la boikgohomoso ba lona, mahlo a ka a tla lla, a be a lle, a tsholle meokgo, ke hobane mohlape wa Jehova o ya iswa kgolehong.


O ba bolelle lentswe lena, o re: Mahlo a ka a tswa meokgo bosiu le motshehare, ha e kgaotse, hobane morwetsana, moradi wa setjhaba sa ka, o hlabilwe, leqeba la hae le leholo, ke leqeba le bohloko haholo.


Mala a ka! Mala a ka! Jo nna! Mabote a pelo ya ka! Pelo ya ka e a uba, nke ke ka ikgutsetsa, hobane, moya wa ka, o utlwa modumo wa terompeta le mokgosi wa ntwa.


Oho! hojane ebe hlooho ya ka e le metsi le mahlo a ka e le sediba sa meokgo, nka be ke llela ba bolailweng ba moradi wa setjhaba sa ka motshehare le bosiu!


ba akofe, ba re binele kodiyamalla, mahlo a rona a tle a tswe meokgo, dintshi tsa rona di tsholle metsi.


Ke ka tseo ke llang; leihlo la ka, leihlo la ka le tsholla meokgo, hobane motshedisi ya ka tsosang moya wa ka o hole le nna; bana ba ka ba hlomohile, hobane sera se hlotse.


Mahlo a ka a eba ke ho lla; mala a ka a duma, sebete sa ka se tsholohela fatshe, ka baka la leqeba la moradi wa setjhaba sa ka, ha ngwana le ya anyang ba akgeha mapatlelong a motse.


Pelo tsa bona di howeletsa ho Morena ... Lerako la moradi wa Sione, tsholla meokgo motshehare le bosiu jwaloka hoja o le noka, o se ke wa phomola, thaka ya leihlo la hao e se ke ya lesa ho lla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ