14 Ke fetohile sesomo sa setjhaba sa ka kaofela, le pina ya sona tsatsi lohle.
14 Tjhabeng sa heso ke fetohile sesomo, se nteola ka dipina letsatsi lohle.
hobane, teng, ba neng ba re isitse kgolehong, ba ne ba kopa dipina ho rona, mme batubi ba rona ba ne ba re qela difela tsa thabo, ba re: A le ke le re bineleng difela tsa Sione!
O re etsa ntho e nyediswang ho ba ahileng pela rona, le tlako le sesomo ho ba re kopileng;
Re fetohile sekgobo sa ba ahisaneng le rona, papadi le sesomo sa ba kamathoko.
Oho Jehova, o kile wa nthetsa, ka thetswa; o kile wa ntiisetsa matla, ka hlolwa. Ke hlile ke entswe ditsheho ka tsatsi lohle, ba ntshoma kaofela.
Na ha o a ka wa etsa Iseraele sesomo sa hao na? Na o ne a tshwerwe boshodung, haele mona o ne o sisinya hlooho ka yena, ha o bolela tsa hae na?
O tadime ha ba dula leha ba tsoha, ke nna pina ya bona.