12 A fula ka seqha sa hae, a mpea sebeo sa motsu.
12 A hula seqha sa hae, a fula, a nketsa sekgopi sa metsu ya hae.
Metsu ya Ya matla wohle e ntlhabile, mme pelo ya ka e noswa mahloko a yona; matsoso a Modimo a hlopholohile ho ntwantsha.
Ha ekaba ke entse sebe, ke o entse eng, Molemohi wa batho? O mpeile keng seo o betsang metsu ya hao ho sona, ke be ke fetohe phahlo feela?
Hobane metsu ya hao e kene ho nna, letsoho la hao le hlile le nkimetse.
O futse ka seqha sa hae jwaloka sera, a ema a otlolotse letsoho le letona jwaloka mohlabani, a bolaya tsohle tse lakatsehang ha di bonwa; tenteng ya moradi wa Sione, o tsholotse kgalefo ya hae jwaloka mollo.