Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 2:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Menyako ya hae e diketse fatshe; o sentse, o robakantse mekwallo ya yona; morena wa hae le babusisi ba hae ba ditjhabeng; molao ha o sa le yo, le bona baporofeta ba hae ha ba sa fumana dipono ho Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Dikgoro tsa Sione di kwahetswe ke mobu, mekwallo ya tsona o e robakile dikotwana; kgosi le mahosana ke bathopuwa hara baditjhaba, ke bathopuwa ba leng moo ho sa rutweng Molao; baporofeta ba Sione ha ba sa bona dipono, pono tse tswang ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 2:9
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Tsedekia ba bolawa pela mahlo a hae; Tsedekia a ntoo phunngwa mahlo, a tlangwa ka mahlaahlela a koporo, mme a iswa Babilona.


Ka tshiu tse ngata, Baiseraele ha ba ka ba eba le Modimo wa nnete, leha e le moprista ya rutang, leha e le molao;


ba re ho nna: Masala a setseng a kgoleho, a ahileng naheng yane, a mahlomoleng a maholo le sekgobong; lerako la Jerusalema le ntse le le dikgeo, le mamati a teng a dutse a tjhele ke mollo.


Ha re sa bona dipontsho tsa rona; ha ho sa le moporofeta, ha re sa na motho ya ka tsebang hore na ho tla ba jwalo ho isa kae.


Ho setseng ha motse ke lesupi feela; menyako e bolailwe, e robilwe.


Yaba Jehova o re ho nna: Baporofeta ba ba porofetela leshano ka lebitso la ka; ha ke a ka ka ba roma, ha ke a ka ka ba nea taelo, ha ke a ka ka bua ho bona. Ba le porofetela pono tsa leshano, le bonohe, le bosawana, le thetso ya dipelo tsa bona.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba le porofetelang; ba le tshepisa bosawana, ba bolela tshenolo ya dipelo tsa bona, e seng e tswang molomong wa Jehova.


Ka selemo sa leshome le motso o mong sa Tsedekia, ka kgwedi ya bone, ka la boroba mono o le mong la kgwedi, motse wa phunngwa.


Bakalde ba tjhesa ntlo ya morena le matlo a ba setjhaba ka mollo, ba heletsa le marako a Jerusalema.


Bahale ba Babilona ba lesitse ho lwana, ba ituletse diqhobosheaneng, ba feletswe ke bohale ba bona, ba fetohile basadi, ho tjhesitswe meaho ya bona, mekwallo ya bona e robilwe.


Marako kaofela a kopelang Jerusalema hare, makgotla kaofela a Bakalde ao molaodi wa balebedi a neng a ena le wona a a rapalatsa.


Juda o ile kgolehong ka ho hlomodiswa le ka botubo bo boholo; o hara ditjhaba, a sa bone moo a ka phomolang teng; bahlorisi ba hae kaofela ba mo fihletse a le moo ho patisaneng.


Suthang, lona ba ditshila; ho howeleditse jwalo ho bona; suthang, suthang, le se ke la re ama. Eitse ha ba balehile, e ntse e le ho phaila; ho thwe hara ditjhaba: Ha ba sa tla boela ba ahe teng.


Eo e neng e le phefumoloho ya dinko tsa rona, e leng motlotsuwa wa Jehova, o tshwasitswe lemeneng la bona, e le eo re neng re re, re tla phela moriting wa hae hara ditjhaba.


Ke tla ala letlowa la ka hodima hae, a tshwaswe sefing sa ka, ke tle ke mo ise Babilona, naheng ya Bakalde; empa a ke ke a e bona, mme o tla shwela hona teng.


Ke tla mo alla letlowa la ka, a tle a tshwaswe sefing sa ka, mme ke tla mo isa Babilona; teng, ke tla isana nyeweng le yena ka baka la bolotsana boo a nketseditseng bona.


Kotsi e nngwe e fihla e latela kotsi e nngwe, mokgosi o latela mokgosi, ba tla batla pono ya mohlolo ho moporofeta, empa molao o tla haka moprista, keletso e hake baholo.


Lerumo le tla senya metseng ya hae, le fedise mekwallo ya hae, le ba qete ka baka la merero ya bona.


Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime.


Ke tla roba mekwallo ya Damaseka, ke fedise ba ahileng thoteng ya Afene, le ya tshwereng lere la borena Bethe-Edene, mme setjhaba sa Siria se tla iswa Kire kgolehong: ho itswalo ke Jehova.


Jehova o tla o isa, wena, le morena wa hao eo o tla ipeela yena setjhabeng seo wena le baholo ba hao o sa kang wa se tseba, mme teng o tla sebeletsa medimo esele e entsweng ka mahong le ka majwe;


Jwalokaha Jehova a ne a le thabela ka ho le etsetsa molemo, le ka ho le atisa, le hona Jehova o tla thabela jwalo ho le fedisa, le ho le timeletsa; mme le tla fotholwa lefatsheng leo o yang ho le rua.


Leha Saule a ne a botsa Jehova, Jehova o ne a sa mo arabele, leha e le ka ditoro, leha e le ka Urime, leha e le ka baporofeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ