Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 2:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O robile lenaka kaofela la Iseraele ka kgalefo e tjhesang ya hae, o honyeditse letsoho la hae le letona pela dira, mme o tukile hara Jakobo jwaloka kgabo ya mollo e timeletsang ka nqa tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Naka la Iseraele o le robile, a le roba kgalefo ya hae e tlokoma; tsoho la hae le letona, le matla, a le honyetsa ha sera se futuha. A halefela Jakobo sa mollo o malakabe, o malakabe, o timetsang kahohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 2:3
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kahobane ba mphuraletse, mme ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona; ka baka leo, kgalefo ya ka e tsholletswe nnqalong ena, mme e ke ke ya tingwa.


Ke apesitse letlalo la ka ka lesela le mahwashe, mme ka silafatsa lenaka la ka ka lerole.


Ke tla medisetsa Davida lenaka ho yona, ke lokisetse motlotsuwa wa ka lebone.


O honyeletsang letsoho la hao, letsoho la hao le letona? Ako le ntshe fubeng sa hao, o ba timeletse!


Ke tla roba dinaka tsa ba bolotsana; empa dinaka tsa ba lokileng di tla phahamiswa.


Le se ke la phahamisa lenaka la lona hakalo, le se ke la bua ka bonyefodi, ka melala e sataletseng!


Jehova, o tla lesa neng ho halefa? Kgalefo ya hao na e tla tuka jwaloka mollo kamehla na?


Botshepehi ba ka le mohau wa ka di tla ba le yena, mme lenaka la hae le tla hola lebitsong la ka;


Jehova, o tla nne o ipate ho isa kae? Kgalefo ya hao e tla tuka jwaloka mollo ho isa neneng?


Morui o tla fetoha twala, mosebetsi wa hae e be hlase ya mollo, ba tla tjha hammoho, ya ba timang o tla hlokahala.


Ke ka baka leo a tshetseng mollo wa bohale ba hae le bothata ba ntwa hodima Iseraele; bohale bo tukile kahohle, mme Iseraele ha a ka a utlwisisa; bo mo tjhesitse, mme ha a ka a ela hloko.


Empa ke tla le otla ka ho lekanya diketso tsa lona, ho bolela Jehova; mme ke tla tukisa mollo morung wa lona, hore o ye o fedise mathoko wohle.


Le ke le bollele Jehova, le tlose ho se bolle ha dipelo tsa lona, lona batho ba Juda le ba ahileng Jerusalema, esere kgalefo ya ka ya tswa jwaloka mollo, ya tjhesa e sa tingwe, ka baka la bolotsana ba diketso tsa lona.


Lenaka la Moabe le sehilwe, le letsoho la hae le robilwe, ho bolela Jehova.


Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bohale ba ka le kgalefo ya ka e tla tshollelwa nqalo ena, le batho, le dikgomo, le difate tsa naha, le ditholwana tsa naha; e tla nne e tjhese, e sa tingwe.


A le nqalong e phahamileng ya hae, o rometse mollo masapong a ka, o a qetile; a tjhehela maoto a ka leraba, a nkgutlisa kasanthao, a nneela tshenyehong, ke tle ke shwe ka matsatsi wohle.


Jehova o phethile kgalefo ya hae, o tsholotse bohale bo tjhesang ba hae, mme hara Sione o besitse mollo o jeleng metheo ya hae.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Kgalefong ya ka, ke tla pukisa moya wa difefo; bohaleng ba ka, dikgohola di tla matha, kgalefong ya ka, majwe a sefako a tla wa ho timeletsa ruri.


Ho letswa terompeta, ho lokiswa tsohle; leha ho le jwalo, ha ho ya yang ntweng, hobane kgalefo ya ka e ya tlela letshwele lohle la bona.


Kgalefo ya hae e ka emelwa ke mang, mme ke mang ya ka tiyang ho tukeng ha bohale ba hae? Bohale ba hae bo tsoloha jwaloka mollo, mafika a heletswa ke yena.


Hobane bonang, letsatsi le a tla, le tjhesang jwaloka mollo wa sebopi, mme baikgohomosi kaofela le bohle ba etsang bolotsana ba tla ba jwaloka matlakala; tsatsi leo le tlang le tla ba tjhesa, ho bolela Jehova wa makgotla, ho se hlole ho sala ho bona motso, kapa lekala.


O re tsoseditse lenaka la poloko tlung ya Davida, mohlanka wa hae;


Seoloso sa hae se letsohong la hae, mme seotlo sa hae o tla se fiela ruri; o tla bokella koro modikong wa hae; haele mooko, o tla o tjhesa mollong o sa timeng.


Hobane mollo o hoteditswe kgalefong ya ka, mme o tla tjhesa ho isa tlase nqalong ya bafu; o tla tjhesa lefatshe le tse behwang ke lona, o tjhese le metheo ya dithaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ