KOLI-YA-MALLA 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)2 Morena o ripitlile meaho kaofela ya Jakobo, a sa qenehele letho; ka bohale bo tukang ba hae a ripitla metse e marako ya moradi wa Juda, a e dihela fatshe, a senya mmuso le marena a wona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE2 Morena o timeditse diahelo tsa Jakobo, a di timetsa kaofela, mohau a se na wona; qhobosheane tsa Moradi wa Juda a di ripitla, a di ripitla, kgalefo ya hae e ntse e tlokoma; mmuso wa teng a o tlontlolla, a o tlontlolla le babusi ba wona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Kamora tseo, ho bolela Jehova, yena Tsedekia, morena wa Juda, le bahlanka ba hae, le setjhaba, le ba siilweng motseng ona ke lefu la sewa, le ke lerumo, le ke tlala, ke tla ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona le matsohong a bao e leng dira ho bona, le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; o tla ba otla ka bohale ba lerumo, a sa ba hauhele, a sa ba qenehele, a sa ba rekolohele.