Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 2:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Pelo tsa bona di howeletsa ho Morena ... Lerako la moradi wa Sione, tsholla meokgo motshehare le bosiu jwaloka hoja o le noka, o se ke wa phomola, thaka ya leihlo la hao e se ke ya lesa ho lla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Pelo tsa setjhaba di ipiletsa ho Morena, wena Jerusalema, Moradi wa Sione, keledi tsa hao a di ke di phalle jwaloka noka, di phalle motsheare, di phalle le bosiu; o se ke wa ipha sebaka sa ho phomola, mahlo a hao le wona a se ke a phomola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 2:18
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Diphororo tsa metsi di keleketla mahlong a ka, hobane ha ba boloke molao wa hao!


KOF. Ke bitsa ho wena ka pelo ya ka yohle: o nkarabe Jehova, ke tle ke boloke dikomelo tsa hao!


Empa ekare ha le sa utlwe hoo, pelo ya ka e tla lla sephiring ka baka la boikgohomoso ba lona, mahlo a ka a tla lla, a be a lle, a tsholle meokgo, ke hobane mohlape wa Jehova o ya iswa kgolehong.


O ba bolelle lentswe lena, o re: Mahlo a ka a tswa meokgo bosiu le motshehare, ha e kgaotse, hobane morwetsana, moradi wa setjhaba sa ka, o hlabilwe, leqeba la hae le leholo, ke leqeba le bohloko haholo.


Hobane ke ultwa mehoo e kang ya ya belehang, tsietsi e kang ya ya itshihlollang letsibolo; ke mohoo wa moradi wa Sione, o fehelwa a otlolotse matsoho a hae, o re: Jo! jo nna! moya wa ka o imeditswe ke babolai.


Oho! hojane ebe hlooho ya ka e le metsi le mahlo a ka e le sediba sa meokgo, nka be ke llela ba bolailweng ba moradi wa setjhaba sa ka motshehare le bosiu!


Ke ka tseo ke llang; leihlo la ka, leihlo la ka le tsholla meokgo, hobane motshedisi ya ka tsosang moya wa ka o hole le nna; bana ba ka ba hlomohile, hobane sera se hlotse.


O lla le ho lla ka bosiu, meokgo ya hae e seka marameng a hae; hara barati ba hae kaofela ha ho motshedisi; metswalle ya hae yohle e mo thetsitse, e fetohile dira ho yena.


Jehova o rerile ho ripitla lerako la moradi wa Sione, a tatamatsa kgwele ya tekanyo, mme ha a ka a honyetsa letsoho la hae tshenyong; o swabisitse lerako le tora, di ntse di swabile hammoho.


Ha ba howeletse ho nna ka dipelo tsa bona, empa ba bokolla phateng tsa bona, ba bokana hammoho bakeng sa mabele le jwala, mme ba mphuralla.


Hobane lejwe le howa le le lerakong, mme balaka yona e le arabela e le marulelong!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ