Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 2:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jehova o entse seo a neng a se rerile, o phethile polelo ya hae eo a neng a e laetse esale le mehleng ya kgale; o ripitlile, mme ha a ka a qenehela; o thabisitse ba o hloileng, o phahamisitse lenaka la bao e leng dira ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Morena o entse seo a neng a se rerile, polelo tsa hae o di phethahaditse, polelo tse neng di bolelwe mehleng ya kgale; o o timeditse a se na mohau, a etsa hore o tlakwe ke dira tsa hao, ba o lwantshang a ba matlafatsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 2:17
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

teng ke tla kumola Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona, le ntlo eo ke e kgethetseng lebitso la ka ke tla e lahlela hole le nna, mme Iseraele e tla ba tshomo le sesomo ditjhabeng tsohle.


O nkahlolele ka ho loka ha hao, Jehova, Modimo wa ka, ba se ke ba thaba ka nna!


A ba ke ba hlabiswe ke dihlong, ba tsielehe bona bohle ba thabelang tsietsi ya ka! Baikakasi ba ntwantshang a ba apeswe ke dihlong le nyediso!


Hobane ke itse: Ba se ke ba thaba ka nna! Ha leoto la ka le kgoptjwa, ba mphahamela ka boikakaso.


O phahamisitse letsoho le letona la batubi ba hae, o thabisitse dira tsa hae kaofela;


o thithibantse bohale ba lerumo la hae, mme ha o a ka wa mo tiisa ntweng.


Wena naha ya Filistia, o se ke wa thaba, ke hobane thupa e neng e o otla e robehile; hobane motsong wa noha ho tla tswa qowane, mme tholwana ya yona e tla ba drakone e fofang.


Mme jwale, bolella banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: Jehova o re: Bonang, ke le hopoletse bobe, ke le reretse morero o mobe. Sokolohang e mong le e mong mekgweng ya hae e mebe, le lokise metsamao ya lona le diketso tsa lona.


Ka baka la ntho tseo, lefatshe le tla lla, mahodimo a hodimo a fifale, hobane ke boletse seo ke se hopotseng, mme ha ke fetohe; nke ke ka sutha teng.


Mme Jehova o bo hlahisitse, o entse kamoo a neng a boletse kateng, kahobane le sitetswe Jehova, mme ha le a ka la mamela lentswe la hae; ke moo le hlahetsweng ke taba tseo.


Bao e leng dira ho yena ke beng ba hae, ba mo hloyang ba iketlile, hobane Jehova o mo hlomodisitse ka baka la bongata ba makgopo a hae; bana ba hae ba banyenyane ba ile kgolehong, ba kgannwa ke dira.


Jehova o rerile ho ripitla lerako la moradi wa Sione, a tatamatsa kgwele ya tekanyo, mme ha a ka a honyetsa letsoho la hae tshenyong; o swabisitse lerako le tora, di ntse di swabile hammoho.


O ikapesitse ka kgalefo, wa re phallela; o bolaile, ha o a ka wa qenehela.


Jehova o phethile kgalefo ya hae, o tsholotse bohale bo tjhesang ba hae, mme hara Sione o besitse mollo o jeleng metheo ya hae.


Ke hona Morena Jehova a reng: Ka nna ya phelang, erekaha o silafaditse sehalalelo sa ka ka tsohle tsa hao tseo ke di ilang le ka manyala wohle a hao, le nna ke tla o kgaola, leihlo la ka le sa o qenehele, ke sa o hauhele le hanyenyane.


Ha ho le jwalo, le nna ke tla etsa ka kgalefo; leihlo la ka ha le ka ke la qenehela, mme ke tla hloka mohau. Ba tla howeletsa ditsebeng tsa ka ba tlerola, empa nke ke ka ba mamela.


Ha ho le jwalo, le nna leihlo la ka ha le ka ke la qenehela, mme ke tla hloka mohau. Ke beile metsamao ya bona dihloohong tsa bona.


O tiisitse ditaba tseo o di boletseng hodima rona, le hodima baahlodi ba rona, ba neng ba re ahlola, ka ho tlisa bobe bo boholo hodima rona, boo ho esong ho etsahale tlasa lehodimo lohle bo jwaloka bo hlahetseng Jerusalema.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, nna ke rerela moloko ona bobe boo le ke keng la ntsha melala ya lona ho bona, ha le sa tla hlola le tsamaya le sataletse, hobane nako ena ke e mpe.


Ke ya tlosa, ke tlosetse ruri tsohle tse hodima lefatshe, ho bolela Jehova.


Leha ho le jwalo, mantswe a ka le dikahlolo tsa ka tseo ke neng ke di laetse bahlanka ba ka, baporofeta, na ha di a ka tsa fihlela bontata lona? Ba ba ba kgutla, ba re: Kamoo Jehova wa makgotla a neng a hopotse ho re etsa kateng, e leng ka metsamao ya rona le ka diketso tsa rona, o fela a re entse jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ