Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 2:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Baporofeta ba hao ba ile ba o bonela mashano le bosawana, ha ba ka ba o kwahollela bokgopo ba hao, hore ba tle ba kgelose kgoleho ya hao, ba mpa ba o boleletse ditshenolo tsa leshano le tsa thetso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Dipono tse bonweng ke baporofeta ba hao e ne e le tsa leshano, tse se nang thuso; ha ba a ka ba o senolela sebe sa hao, hore ba o fapose bothopuwa ba hao. Ba ile ba o bolella dipono tsa bohata, dipono tse ileng tsa o thetsa, tsa o kgelosa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 2:14
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Howeletsa, o tlerole! Phahamisa lentswe le phepa jwaloka phala, o bolelle setjhaba sa ka makgopo a sona, o tsebise ntlo ya Jakobo dibe tsa yona.


Baprista ha ba ka ba re: O kae Jehova? Le ba tshwereng molao ha ba ka ba ntseba; le badisa ba kile ba nkwenehela le baporofeta ba nnile ba porofeta ka Baale, ba tsamaela ba sa thuseng letho.


Mme wena Pashkure, le ba ahileng tlung ya hao kaofela, le tla ya kgolehong; o tla ya Babilona, o shwele teng; mme o tla patwa teng, le metswalle ya hao kaofela eo o ntseng o e porofetela leshano.


Hojane ebe ba kile ba ema morerong wa ka, ba ka be ba utlwisitse setjhaba sa ka mantswe a ka, ba se sokolla mekgweng ya sona e mebe le bolotsaneng ba diketso tsa bona.


Empa tshenolo ya Jehova ha le sa tla hlola le e bolela jwalo, hobane e mong le e mong o tla otlwa ka baka la lentswe la hae; hobane le sokantse mantswe a Modimo o phelang, e leng Jehova wa makgotla, Modimo wa rona.


Mme moporofeta Jeremia a bolella Hanania moporofeta, a re: Mamela hle, Hanania: Jehova ha a ka a o roma, mme wena o hlile wa tshepisa setjhaba sena ka leshano.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, bakeng sa Akabe, mora Kolaia, le sa Tsedekia, mora Maaseia, ba ntseng ba le porofetela leshano ka lebitso la ka: Bonang, ke ya ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, a tle a ba bolaye mahlong a lona.


Ba kae baporofeta ba lona ba nnileng ba le porofetela, ba re: Morena wa Babilona a ke ke a le futuhela, lona le lefatshe lena?


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba busa hammoho le bona, mme setjhaba sa ka se ikgahlisetsa teng. Le tla etsang qetellong?


Ke ka baka la sebe sa baporofeta ba hae le la bolotsana ba baprista ba hae, ba nnileng ba tsholla madi a ba lokileng kahare ho wena.


Erekaha le hlomodisitse ka bohata pelo ya ya lokileng eo ke neng ke sa mo hlomodise, mme le natlafaditse diatla tsa e mobe, hore a se ke a sokoloha tseleng ya hae e mpe, a tle a tsebe ho pholoswa,


Ho na le tumellano ya boikgantsho ho baporofeta ba ho yona, ho ka tau e purumang, e rusollang thusolelo; ba ja meya ya batho, ba nka maruo le ntho tsa bohlokwa, ba atisa basadi ba bahlolohadi hara naha.


Baporofeta ba yona ba peqa ntho tseo kaofela ka seretse se sa tsebisahaleng. Ba na le dipono tsa lefeela, ba ba nohela leshano, ba re: Morena Jehova o re ... athe Jehova ha a ka a re letho.


Yaba Jehova o re ho nna: Mora motho, hleka o tla ahlola Ohola le Oholiba? Ha ho le jwalo, ba bolelle manyala a bona.


Ho se ho tla ditshiu tsa hlahlobo, ho se ho tla ditshiu tsa phetetso! Iseraele o tla tseba! Moporofeta o fetohile lewatla, motho wa moya o hlanya ka baka la boholo ba bokgopo ba hao le ka baka la bora ba hao bo boholo.


Hoja motho o teng ya tsamaelang lefeela le bohata, ya thetsang ka ho re: Ke tla o porofetela bakeng sa veine le jwala! ekabeba moporofeta eo ke ya ka lokelang setjhaba sena.


Empa ha e le nna, ke tletse matla, ke tletse moya wa Jehova, le ho loka le bonatla, ke tle ke bolelle Jakobo bokwenehi ba hae, ke tsebise Iseraele sebe sa hae.


baprista ba wona ba tlotlolla nqalo e halalelang, ba kgopamisa molao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ