Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 2:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mahlo a ka a eba ke ho lla; mala a ka a duma, sebete sa ka se tsholohela fatshe, ka baka la leqeba la moradi wa setjhaba sa ka, ha ngwana le ya anyang ba akgeha mapatlelong a motse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Mahlo a ka a foufaditswe, a foufatswa ke dikeledi, moya wa ka o ferekane haholo, bohloko ba pelo ya ka bo tsholohela fatshe, ka baka la ho timetswa ha setjhaba sa heso, ka baka la ho timetswa ha bana le masea, ba timetswa ba le diterateng tsa motse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 2:11
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Metsu ya wona e nkwetse hodimo, e etswa nqa tsohle; o ntlhabile matheka, o se na mohau; wa tsholla nyoko ya ka fatshe;


Mala a ka a bela, a sa kgutse; ke fihletswe ke matsatsi a matswalo.


Mahlo a ka a ebile ke ho lebella pallo ya hao, mme ke re: O tla ntshedisa neng?


Ke ikela jwaloka metsi, masapo a ka kaofela a nonyetsehile; pelo ya ka, fubeng sa ka, e a qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi;


Jehova, nkutlwele bohloko, hobane ke matswalong! hobane hlomoho e qetile mahlo a ka, le moya wa ka, le mala a ka.


Ke feletswe ke matla, ke robehile hampe, ke dumaela ka baka la ho hlora ha pelo ya ka ...


Mahlo a ka a fela ke mahlomola, a monyela ka baka la bohle ba ntlhorisang.


Ke kgathaditswe ke ho howa, mmetso wa ka o omeletse; mahlo a ka a fifala, ha ke ntse ke lebeletse Modimo wa ka.


Ke hona ke reng: Ntloheleng, ke tle ke lle habohloko: se phehelleng ho ntshedisa, ha ke lla ka tshenyeho ya moradi wa setjhaba sa ka!


Ka ba ka lla jwaloka moholodi le lefokotsane, ka bohola jwaloka leebakgorwana; mahlo a ka a kgathala ke ho lelala hodimo! Jehova, ke matswalong, o mpoloke!


Bara ba hao ba shwele sethwathwa, ba botha dikoung tsohle tsa diterata jwaloka kgama e itshwasitseng moqetjheng; ba tletse kgalefo ya Jehova le dikgalemelo tsa Modimo wa hao.


O ba bolelle lentswe lena, o re: Mahlo a ka a tswa meokgo bosiu le motshehare, ha e kgaotse, hobane morwetsana, moradi wa setjhaba sa ka, o hlabilwe, leqeba la hae le leholo, ke leqeba le bohloko haholo.


Mala a ka! Mala a ka! Jo nna! Mabote a pelo ya ka! Pelo ya ka e a uba, nke ke ka ikgutsetsa, hobane, moya wa ka, o utlwa modumo wa terompeta le mokgosi wa ntwa.


Mme jwale, ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le etseditseng meya ya lona hampe hakakalo, hore ho be ho kgaolwe ka baka la lona monna le mosadi, ngwana le lesea mahareng a Juda, hore ho se ke ha sala masala a lona?


Utlwang lentswe la pokollo ya moradi wa setjhaba sa ka le tswang lefatsheng le hole: Na Jehova ha a sa le Sione? Na Morena wa hae ha a sa le ho yena na? Ba nkgalefisitse keng ka ditshwantsho tsa bona tse betlilweng, ka masawana a ditjhaba?


Batho ba hae kaofela ba fehelwa, ba batla bohobe; ba neile ntho tsa bona tsa bohlokwa ho bona dijo tse ka tsosang bophelo ba bona. Bona, Jehova, o lemohe, hobane ke fetohile ya nyediswang.


Ke ka tseo ke llang; leihlo la ka, leihlo la ka le tsholla meokgo, hobane motshedisi ya ka tsosang moya wa ka o hole le nna; bana ba ka ba hlomohile, hobane sera se hlotse.


Jehova, bona hobane ke mahlomoleng; mala a ka a duma, pelo ya ka e fetohile kahare ho nna, hobane nkile ka ikgantsha haholo; kantle, lerumo le ntse le bolaya, hae ha eso ke lefu.


Ka baka leo, dipelo tsa rona di a fela, ka baka la tseo mahlo a rona a fifetse.


hobane, bonang, mehla e a tla eo ho tla thwe: Ho lehlohonolo dinyopa, le mala a sa kang a tswala, le matswele a sa kang a anyesa.


Ebile Davida le setjhaba se ho yena ba lla, ba bokolla, ho fihlela ba ba ba fellwa ke matla a ho lla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ