KOLI-YA-MALLA 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)9 Ditshila tsa hae di teng mosehong wa kobo ya hae; ha a ka a hopola qetello ya hae, mme o wele ka mokgwa o makatsang; ha ho ya mo tshedisang. Jehova, tadima bosenyehi ba ka, hobane sera se a ithorisa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE9 Tshila tsa Jerusalema di kgomaretse, di kgomaretse aparong tsa yona, ha e a ka inahanela pheletso ya yona. Ho wa ha yona e bile ho makatsang, ha ho a ba le ya mong ya e tshedisang. “Oho, Morena, ako bone matshwenyeho a ka, sera ke sena kajeno se a ithorisa!” အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Mme jwale, Modimo wa rona, Modimo o moholo, o matla, o tshabehang, o bolokang selekane le mohau; o se ke wa re, a manyenyane mahlomola ao a re hlahetseng, rona le marena a rona, le dihlooho tsa rona, le baprista ba rona, le baporofeta ba rona, le bontata rona, le setjhaba sa hao kaofela, haesale mehleng ya marena a Assiria ho tla fihla tsatsing la kajeno.
A itlama ka kano, a re: Jehova wa makgotla, ha o ka tadimisisa bohloko ba lekgabunyane la hao, leha o ka nkgopola, o sa lebale lekgabunyane la hao, leha o ka fa lekgabunyane la hao ngwana e motona, ke tla mo neela Jehova ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, mme lehare ha le ka ke la mmeola hlooho.