Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 1:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Matsatsing a hae a mahlomola le a tshenyeho, Jerusalema o hopola ntho tsohle tse ratehang tsa hae, tseo a neng a ena le tsona mehleng ya pele. O di hopola jwale, ha setjhaba sa hae se wetse matsohong a dira, ho se ya mo thusang; dira di a bona, di soma ka bomadimabe ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Nakong ya matshwenyeho a yona le ya ho lelera, Jerusalema e hopola matlotlo, matlotlo a yona wohle, ao e ne e le a yona mehleng ya kgalekgale. Ha tjhaba sa yona se wela matsohong a dira, ha ho a ba le ya kileng a e thusetsa. Dira tsa yona di ile tsa e sheba, tsa etsa metlae ka ho timetswa ha yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 1:7
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hola nka boela ka bona kgwedi tse jwaloka tsa mohla monene, le ditshiu tsa mohla Modimo o neng o mpoloka!


Moya wa ka o idibana kahare ho nna, ha ke hopola kamoo ke neng ke ya le setjhaba kateng, ke se eteletse pele ho ya ka tlung ya Modimo, hara dipina tsa nyakallo le difela tsa setjhaba se itlelang meketeng e phahameng.


Ke hopola Modimo, ke sisa pelo; ke a nahana, mme moya wa ka o a tsieleha. (Sela.)


Re fetohile sekgobo sa ba ahisaneng le rona, papadi le sesomo sa ba kamathoko.


Metse e halalelang ya hao e fetohile nahathothe, Sione ke nahathothe, Jerusalema ke lesupi.


Ntlo ya rona e halalelang e kganyang, moo bontata rona ba binneng dithoko tsa hao teng, e tjhele ke mollo; tsohle tseo re neng re di rata di senyehile.


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Bolellang morena wa Juda, ya le romileng ho nna ho mpotsa, le re: Bona, makgotla a Faro a tswetseng lona ho le tlatsa, a tla boela lefatsheng la habo Egepeta;


Na ha o a ka wa etsa Iseraele sesomo sa hao na? Na o ne a tshwerwe boshodung, haele mona o ne o sisinya hlooho ka yena, ha o bolela tsa hae na?


Le kajeno, mahlo a rona a ntse a eba ke ho lebella thuso ya rona! Ke lefeela; tebellong ya rona re lebile ho setjhaba se se nang ho pholosa.


o re ho bana ba Ammone: Mamelang lentswe la Morena Jehova! Morena Jehova o re: Erekaha o itse: Haiaha! ka sehalalelo sa ka mohla se silafatswang, le ka lefatshe la Iseraele mohla le etswang nahathothe, le ka ba ntlo ya Juda mohla ba iswang kgolehong,


Hobane Morena Jehova o re: Erekaha o opile ka diatla le ho tila ka leoto, mme wa thabela kgeso ya lefatshe la Iseraele ka moya wohle wa hao,


O tla phallela dinyatsi tsa hae, empa a ke ke a di fihlela; o tla di batlisisa, empa a ke ke a di fumana. Ke moo a tla re: Ke tla ya, ke kgutlele ho monna wa ka wa pele, hobane ke ne ke iketla mohlang oo ho fetisa jwale.


Mme jwale, ditjhaba tse ngata di o bokanetse, di re: A a hlomphollwe, mahlo a rona a tle a bone kotsi ya Sione!


Yaba moo a ikgopolang, a re: Bahlanka ba bangata hakakang ha ntate ba hlolwang ke bohobe; mme nna mona ke bolawa ke tlala!


Empa Abrahama a re: Ngwana ka, hopola hobane o bone tse monate tsa hao bophelong ba hao; mme ka mokgwa o jwalo, Lasaro o bone tse mpe; jwale yena, o tshediswa mona, empa wena, o utlwiswa bohloko.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ