Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 1:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Bokgabane kaofela ba moradi wa Sione bo fedile ho yena, baholo ba hae ba jwaloka ditholo tse sa boneng makgulo, tse balehang di feletswe ke matla pela ba di lelekisang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Botle bohle bo se bo hlakohile, bo hlakohile ho Moradi wa Sione; mahosana a hae a ka dikgama, a ka dikgama di sitwa ho fumana lekgulo; di baleha di se di kenwe ke mokgathala, di baleha bamanakisi ba tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 1:6
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke ena taba eo Jehova a e boletseng bakeng sa hae: Morwetsana, moradi wa Sione, o a o nyedisa, o tsheha ka wena; moradi wa Jerusalema o o tsokoletsa hlooho.


Ha ho se ho phuntswe lerako, banna bohle ba ntwa ba baleha bosiu ka tsela e yang le kgoro, mahareng a marako a mabedi a pela tshimo ya morena, Bakalde ba ntse ba teetse motse hare. Ha tsamauwa ka tsela e yang le lehwatata.


Empa makgotla a Bakalde a phallela morena, a mo tshwara lehwatateng la Jeriko; mme makgotla a hae kaofela a mo qhalanela.


Sione, botleng bo phethehileng, Modimo o bonahatsa kganya ya wona;


Kgumamang pela Jehova ka bokgabane bo halalelang. Le thothomele pela hae, lona baahi bohle ba lefatshe!


Na motse o tshepehileng o fetohile jwang seotswa? O ne o tletse toka, ho loka ho ne ho ahile ho wona, empa jwale o tletse babolai.


Lona ba ahileng Sione, le nyakalle, le ithabele ka difela, hobane o moholo hara lona, Mohalaledi wa Iseraele.


Mme Jehova o tla hlahisa hodima bophara bohle ba thaba ya Sione le hodima diphutheho tsa hae leru le mosi nyene, le kganya ya malakabe a mollo bosiu; hobane ke sona serireletso se tla apesa kganya yohle.


Bolella morena le mofumahadi, o re: Ikokobetseng, le ke le dule fatshe, hobane moqhaka wa kganya ya lona o wele dihloohong tsa lona.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, ho ba kgolehong kaofela, bao ke ba faladitseng Jerusalema, ke ba isitseng Babilona:


ka baka la modumo wa ho hata ha ditlhako tsa dipere tsa hae tse matla, le la ho matha ha makoloi a hae le ho dumaduma ha maoto a wona. Bontata bana ha ba tadime bana, hobane ho fokotse matsoho;


Keriothe o hapilwe, diqhobosheane di kenwe, mme tsatsing leo, pelo tsa bahale ba Moabe di tla ba jwaloka pelo ya mosadi ya belehang.


A honya mahlo a Tsedekia, a mo tlama ka mahlaahlela a koporo, mme morena wa Babilona a mo isa Babilona, a mo hlahlela teronkong ho isa tsatsing la lefu la hae.


A tjhesa ntlo ya Jehova, le ntlo ya morena, le matlo wohle a Jerusalema, a tjhesa matlo a maholo kaofela ka mollo.


Ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla silafatsa sehalalelo sa ka, e leng boikgohomoso ba matla a lona, le takatso ya mahlo a lona, le se ratwang ke meya ya lona: bara ba lona le baradi ba lona bao le ba siileng ba tla dihuwa ke lerumo.


Haele wena, mora motho, etlare hobane ke tlose hara bona qhobosheane ya bona, e leng thabo ya boikgohomoso ba bona, le takatso ya mahlo a bona, le hlokomelo ya meya ya bona, ke re, bara ba bona le baradi ba bona;


Jehova o tla etsa hore o hlolwe pontsheng ya dira tsa hao; o tla di futuhela ka tsela e le nngwe, mme o tla di balehela ka tsela tse supileng, mme o tla qhalanyetswa mebusong yohle ya lefatshe.


Motho a le mong o ne a tla phallela ba sekete jwang, mme ba babedi ba ne ba tla lelekisa ba dikete tse leshome jwang, hojane Lefika la bona le sa ka la rekisa ka bona, le hojane Jehova a sa ka a ba lahla?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ