Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 1:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ba nkutlwa ha ke ntse ke fehelwa; ha ho ya ntshedisang; bao e leng dira ho nna kaofela ba utlwile tsietsi ya ka, ba thabetse seo o se entseng; o tla hlahisa tsatsi leo o le beileng, ba tle ba tshwane le nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Batho ba utlwile mefehelo ya ka, empa ha ho na motho ya ntshedisang. Dira tsa ka tsohle di utlwile tsietsi ya ka, di nyakaladitswe ke ketso ena ya hao. Potlakisa tsatsi le boletsweng ke wena, dira tsa ka di tle di tshwane le nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 1:21
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme jwale, ha ke ewa, ba ye ba thabe; ba bokana hammoho, ba mpokanela ho nkotla, ke sa tsebe molato; ba ngahola ka maleme, ha ba kgutse.


Morena o tsheha ka yena, hobane o bona hoba letsatsi la hae le a tla.


Hobane ke itse: Ba se ke ba thaba ka nna! Ha leoto la ka le kgoptjwa, ba mphahamela ka boikakaso.


Jehova o robile lere la ba bolotsana, le molamu wa balaodi,


ba neng ba ntse ba otla ditjhaba ka kgalefo, ba neng ba hlola ditjhaba ka bohale, ba ntse ba di hlorisa, ba sa di fe sebaka.


Leha ho le jwalo, bohle ba o jang ba tla jewa, bohle ba o patisang ba tla iswa kaofela kgolehong; ba o tlatlapang ba tla tlatlapjwa, bohle ba o senyang ke tla ba neela tshenyeho.


Na ha o a ka wa etsa Iseraele sesomo sa hao na? Na o ne a tshwerwe boshodung, haele mona o ne o sisinya hlooho ka yena, ha o bolela tsa hae na?


Le fele le thabe, le fele le nyakalle, lona basenyi ba lefa la ka; le tlole jwaloka sethole hara jwang bo botala; le lle jwaloka poho ya pere.


Tshelang ditlatse ho yena, le ntse le mo teetse hare. O otlolla matsoho a hae; metheo ya hae e a sisinyeha, marako a hae a heleha, hobane ke phetetso ya Jehova; le iphetetse ho yena; kamoo a ileng a le etsa kateng, le mo etse jwalo.


Biletsang Babilona babetsi bohle ba fulang ka seqha; mo teeleng hare, ho se ke ha eba ya phonyohang; le busetse ho yena ka ketso ya hae, ka tsohle tseo a le entseng tsona, le mo etse jwalo, hobane o ikgantsheditse Jehova, Mohalaledi wa Iseraele.


Bona, ke tla ho wena, moikgohomosi, ho bolela Morena, Jehova wa makgotla, hobane ho tlile letsatsi la hao, nako eo ke o kgalemelang ka yona.


Empa ke tla busetsa ho Babilona le ho baahi kaofela ba Kalde bobe bohle ba bona, boo ba ileng ba bo etsa Sione pela mahlo a lona, ho bolela Jehova.


Jwalokaha Babilona a ile a diha ba hlabilweng ba Iseraele, le hona ba hlabilweng ba lefatshe lohle ba tla wa Babilona.


Ke ka tseo ke llang; leihlo la ka, leihlo la ka le tsholla meokgo, hobane motshedisi ya ka tsosang moya wa ka o hole le nna; bana ba ka ba hlomohile, hobane sera se hlotse.


O lla le ho lla ka bosiu, meokgo ya hae e seka marameng a hae; hara barati ba hae kaofela ha ho motshedisi; metswalle ya hae yohle e mo thetsitse, e fetohile dira ho yena.


Bolotsana kaofela ba bona bo ke bo hlahe pela hao, o ba etse kamoo o nkentseng kateng ka baka la bokwenehi bohle ba ka, hobane ho fehelwa ha ka ho hoholo, mme pelo ya ka e a shwa.


Ditsela tsa Sione di ntse di lla, hobane ha ho sa le ba yang meketeng; menyako yohle ya hae e senyehile, baprista ba hae ba fehelwa, barwetsana ba hae ba swabile; a mahlomoleng a maholo.


Jerusalema o sitilwe, o sitilwe; ka baka leo, o fetohile manyala, bohle ba neng ba mo hlonepha ba mo nyedisa, hobane ba bone bofeela ba hae, le hona o a fehelwa, mme o tadima kasanthao.


Bohle ba fetang ka tsela ba opa ka diatla bakeng sa hao, ba soma, ba sisinya dihlooho bakeng sa moradi wa Jerusalema, ba re: A ke oo motse oo ba neng ba o bitsa botle bo phethehileng, thabo ya lefatshe lohle?


Ba o hloileng bohle ba o ahlamisetsa melomo ya bona, ba soma, ba tsikitlanya meno, ba re: Re mo metsitse; ruri, ke lona letsatsi leo re neng re ntse re le lebeletse, re le fumane, re le bone.


Mora motho, erekaha Batire ba tlakile Jerusalema ka ho re: Haiaha! kgoro ya ditjhaba e heleditswe, dintho di ya tla ho nna, ke tla ena, hobane motse o sentswe?


Matshwele, matshwele a teng a lehlanahlana kgohlong ya kahlolo! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla ba teng kgohlong ya kahlolo.


Le mo putse kamoo a le putsitseng kateng, mme le mo lefise habedi ho lekaneng mesebetsi ya hae, le mo tswakele habedi senwelong seo a le tswaketseng ho sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ