Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 1:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ke ka tseo ke llang; leihlo la ka, leihlo la ka le tsholla meokgo, hobane motshedisi ya ka tsosang moya wa ka o hole le nna; bana ba ka ba hlomohile, hobane sera se hlotse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 “Ke ka baka la tsona ke llang, mahlo a ka a keleketla dikeledi, hobane motshedisi wa ka o hole le nna, yena ya neng a ka kgatholla moya wa ka. Bana ba ka ba setse ba itlhophere, hobane nna ke hlotswe ke sera sa ka.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 1:16
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ba tujwa ke dira tsa bona, ba kokobetswa tlasa matsoho a tsona.


Diphororo tsa metsi di keleketla mahlong a ka, hobane ha ba boloke molao wa hao!


Dinyefolo di robile pelo ya ka, ke bohloko haholo; ke lebeletse ba nkgauhelang, mme ba hlokahetse; ka batla le batshedisi, mme ha ke bone le a mong.


Ka boela ka lemoha dihloriso tsohle tse etswang tlasa letsatsi, mme ka bona meokgo ya ba hloriswang, ho mpa ho se ya ba tshedisang. Ka nqa ho bahlorisi ba bona, ka bona bothata, ho mpa ho se monamoledi.


Wena ya madimabe, ya otlilweng ke difefo, ya sa tshedisweng ke motho, bona, ke tla kgabisa majwe a hao ka sebilo, ke o thee hodima safire.


Empa ekare ha le sa utlwe hoo, pelo ya ka e tla lla sephiring ka baka la boikgohomoso ba lona, mahlo a ka a tla lla, a be a lle, a tsholle meokgo, ke hobane mohlape wa Jehova o ya iswa kgolehong.


O ba bolelle lentswe lena, o re: Mahlo a ka a tswa meokgo bosiu le motshehare, ha e kgaotse, hobane morwetsana, moradi wa setjhaba sa ka, o hlabilwe, leqeba la hae le leholo, ke leqeba le bohloko haholo.


Hobane ke mang ya ka o hauhelang, Jerusalema, kapa ke mang ya ka o utlwelang bohloko, kapa ke mang ya ka fapohelang ho ya botsa kamoo o ntseng o phela kateng?


Tshediso ya ka bohlokong ba ka ke efe? Pelo ya ka e fela ka ho nna.


Oho! hojane ebe hlooho ya ka e le metsi le mahlo a ka e le sediba sa meokgo, nka be ke llela ba bolailweng ba moradi wa setjhaba sa ka motshehare le bosiu!


Ke tla phahamisa dillo le pokollo dithabeng, le makgulong a lefeella ke bine kodiyamalla, hobane a tjhesitswe, ha ho sa le motho ya fetang teng, ha ho sa utluwa dillo tsa mehlape; dinonyana tsa lehodimo le diphoofolo di balehile, di ile.


Hobane lefu le tlolela ka difensetere tsa rona, le kena matlung a kgabileng, ho tla bolaya bana seterateng, le bahlankana mapatlelong.


O lla le ho lla ka bosiu, meokgo ya hae e seka marameng a hae; hara barati ba hae kaofela ha ho motshedisi; metswalle ya hae yohle e mo thetsitse, e fetohile dira ho yena.


Ditshila tsa hae di teng mosehong wa kobo ya hae; ha a ka a hopola qetello ya hae, mme o wele ka mokgwa o makatsang; ha ho ya mo tshedisang. Jehova, tadima bosenyehi ba ka, hobane sera se a ithorisa.


Mahlo a ka a eba ke ho lla; mala a ka a duma, sebete sa ka se tsholohela fatshe, ka baka la leqeba la moradi wa setjhaba sa ka, ha ngwana le ya anyang ba akgeha mapatlelong a motse.


Pelo tsa bona di howeletsa ho Morena ... Lerako la moradi wa Sione, tsholla meokgo motshehare le bosiu jwaloka hoja o le noka, o se ke wa phomola, thaka ya leihlo la hao e se ke ya lesa ho lla.


Leha ba hodisa bana ba bona, ke tla ba amoha bona ba sa le batjha. E, ho madimabe bona, mohla ke ba furallang!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ