Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 1:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Joko ya makgopo a ka e tlamilwe ke matsoho a hae; a thatilwe, a boima molaleng wa ka; o fedisitse matla a ka; Morena o nneetse matsohong a eo ke sitwang ho mo hanela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 “Dibe tsa ka tsohle Morena o a di tseba, ka tsoho la hae a di loha, tsa etsa thapo, molaleng wa ka a di tlama jwaloka joko, boima ba tsona ba mphokodisa haholo. Morena o neelane ka nna ho dira tsa ka, a nnea bao nke keng ka ba lwantsha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 1:14
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Molotsana o tla tshwaswa ke makgopo a hae, a bofjwe ka marapo a dibe tsa hae.


Ke tla roba Baassiria lefatsheng la ka, ke ba hatakele ka maoto dithabeng tsa ka, hore batho ba ka ba lokollwe jokong ya bona, ba jarollwe phahlo ya bona melaleng ya bona.


Ke na be ke halefetse setjhaba sa ka, ke na be ke sentse lefa la ka, ke na be ke ba neetse matsohong a hao; empa ha o a ka wa ba hauhela le hanyenyane, wa bea joko e fetisang ka boima hodima leqheku.


bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


Ka bolella le Tsedekia, morena wa Juda, mantswe ao kaofela, ka re: Le ke le bee melala ya lona jokong ya morena wa Babilona, le sebeletse yena le setjhaba sa hae, mme le tla phela.


Setjhaba, kapa mmuso ha o ke ke wa ipea ho Nebukadnesare, morena wa Babilona, leha e le ho neela molala wa wona jokong ya morena wa Babilona, ke tla kgalemela setjhaba seo ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa, ho bolela Jehova, ke tle ke be ke se timetse ka letsoho la hae.


Eya, o bolelle Hanania, o re: O robakantse joko ya sefate, empa o tla etsa joko ya tshepe bakeng sa yona.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ke bea joko ya tshepe molaleng wa ditjhaba tseo tsohle, di tle di sebeletse Nebukadnesare, morena wa Babilona, mme di tla nne di mo sebeletse; ke mo neile le diphoofolo tsa naha.


moo Tsedekia, morena wa Juda, a neng a mo kwaletse teng, ka ho re: O ntse o porofetelang, ha o re: Ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya neela motse ona matsohong a morena wa Babilona, a tle a o kene;


Mme o tla nkela Tsedekia Babilona; o tla nne a dule teng, ke tle ke be ke mo etele, ho bolela Jehova. Ha le lwana le Bakalde, le ke ke la thusa letho.


Morena Tsedekia a ntoo romela ho mo lata, mme morena a mmotsa ka tlung ya hae, ka sephiring, a re: Na lentswe le teng le tswang ho Jehova na? Yaba Jeremia o araba, a re: Le teng. Mme a re: O tla neelwa matsohong a morena wa Babilona.


Ke tla le ntsha teng, ke be ke le neele matsohong a baditjhaba, ke be ke le hlahisetse le dikahlolo.


ke o tshollele kgalefo ya ka; ke tla o budulela mollo wa bohale ba ka, ke o neele diatleng tsa banna ba tshabehang, ba masene a ho timeletsa.


Hobane Morena Jehova o re: Bona, ke tla o neela matsohong a bao o ba hloileng, le matsohong a bao moya wa hao o ba hlobohileng.


ka baka leo, bona, ke tla o neela ho ruwa ke bana ba Botjhabela; ba tla bea metebo ya bona ha eno, ba hlome meaho ya bona ha eno; ke bona ba tla ja ditholwana tsa hao, ba nwe lebese la hao.


ka baka leo, bona, ke tla o otlollela letsoho la ka, ke tle ke o neele ho rusolelwa ke ditjhaba, ke o kgaole hara ditjhaba, ke o timetse dinaheng tsohle; ke tla o fedisa, o tle o tsebe hoba ke nna Jehova.


Hobane ke jwaloka tau ho Efraime, le jwaloka tawana ho ntlo ya Juda. Nna, nna ka sebele, ke a harola, ke ntoo ikela, ke nkile seo ke se hapileng, mme ha ho ya ka nkamohang sona!


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, nna ke rerela moloko ona bobe boo le ke keng la ntsha melala ya lona ho bona, ha le sa tla hlola le tsamaya le sataletse, hobane nako ena ke e mpe.


o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Jehova a tla di roma ho tla o lwantsha, o di sebeletse o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka ntho tsohle; mme di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, di be di o fedise.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ