Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




KOLI-YA-MALLA 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 O ituletse jwang o nnotshi, motse o neng o tletse batho? Motse o neng o le moholo hara ditjhaba o fetohile jwang ntho eo e kang ke mohlolohadi? Eo e neng e le mofumahadi hara ditjhaba o fetohile jwang ya ruilweng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Motse o neng o diila batho kahohle, kajeno o bodutu hakaakang! O ne o le moholo hara ditjhaba, kajeno o fetohile mohlolohadi! E ne e le mofumahadi hara ditjhaba kajeno o fetohile lekgabunyane!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




KOLI-YA-MALLA 1:1
38 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Salomone a busa mebuso yohle ho tloha nokeng, ho ya fihla naheng ya Bafilesta, le ho ya moeding wa Egepeta; bohle ba ne ba tlisetsa Salomone dinyehelo, ba mo sebeletsa ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.


Ebile Faro-Neko o mo tlama ka mahlaahlela, Ribla, naheng ya Hamathe, hore a se ke a hlola a busa Jerusalema; a ntshisa lefatshe lekgetho la lekgolo la ditalenta tsa silefera le talenta e nngwe ya kgauta.


Haele Jojakime, a nea Faro silefera le kgauta; a lekanya lefatshe kamoo le tshwanetseng ho ntsha tjhelete kateng, ka taelo ya Faro; a ntshisa setjhaba sa lefatshe silefera le kgauta, e mong le e mong kamoo a lekanyeditsweng kateng, e le hore ho newe Faro-Neko.


O ne a rena hodima marena wohle, ho tloha nokeng ya Eufrate, ho tla fihla naheng ya Bafilesta le ho isa moeding wa Egepeta.


hape, Jerusalema ke motse o nnileng wa buswa ke marena a matla a neng a busa naha yohle e mose wane ho noka, ao lekgetho le sethabathaba le kabelo di neng di ntshetswa wona.


Hape, ba bang ba ne ba re: Re adimile ditjhelete ka masimo a rona le ka merara ya rona, re tle re ntshe lekgetho la morena.


menono ya lona, le e atisetsa marena ao o a beileng ho re busa ka baka la dibe tsa rona; a na le matla hodima mmele ya rona le dikgomo tsa rona, kahohle kamoo a ratang kateng, mme rona re tsietsing e kgolo!


Ke moo ho nyolohelang meloko, meloko ya Jehova, ka taelo e neilweng Iseraele, ho roka lebitso la Jehova.


O wele jwang lehodimong, mphatlalatsane, mora mafube? O rapaladitswe jwang fatshe, wena, mohlaseladitjhaba?


wena, motse o tletseng moferefere, motse wa marata, o batlang menyaka feela? Ba hao ba bolailweng ha ba ka ba wa ka lerumo, ha ba ka ba eshwa ntweng.


Dikgoro tsa Jerusalema di tla lla, di be di bokolle; o tla dula fatshe a fetohile lesupi.


Mme o tla re pelong ya hao: Ke mang ya ntswaletseng bao? Hobane ke ne ke timeletswe ke bana, ke le moopa ya lelekilweng, ya hladilweng; na bao ke ba hodiseditswe ke mang? Bonang! ke ne ke siilwe ke nnotshi; bona ba ne ba le kae?


Morena Jehova o nthibolotse ditsebe, mme ha ke a ka ka hana, leha e le ho sutha kasanthao.


Hlohlora lerole la hao, tsoha o dule, Jerusalema; o lokolle mahlaahlela molaleng wa hao, wena moholehuwa, moradi wa Sione!


A matle hakakang dithabeng maoto a ba tlisang ditaba tse molemo, ba bolelang kgotso, ba tlisang taba tse molemo, ba bolelang topollo, ba reng ho Sione: Modimo wa hao o a busa!


O se ke wa tshaba, hobane o ke ke wa hlajwa ke dihlong; o se ke wa swaba, hobane o ke ke wa tsielwa ke letho, empa o tla lebala dihlong tsa botjha ba hao, o ke ke wa hlola o hopola maswabi a bohlolohadi ba hao.


Hobane ho itswe ke Jehova: Etsetsang Jakobo ditlatse tsa nyakallo, le thabe le le sehloohong sa ditjhaba; utlwahatsang dithoko, le re: Jehova, pholosa setjhaba sa hao, masala a Iseraele!


Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, a ba anela, bona le batho ba bona, a re: Le se ke la tshaba ho ipea ho Bakalde, le mpe le ikahele lefatsheng, le ipee ho morena wa Babilona, le tle le iketle.


ba re ho moporofeta Jeremia: Amohela thapelo ya rona, o re rapelle ho Jehova, Modimo wa hao, bakeng sa masala ana kaofela, hobane leha re ne re le bangata, re setse re se re se bakae, kamoo mahlo a hao a re bonang kateng,


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le bone bobe bohle boo ke bo hlahiseditseng Jerusalema le metse kaofela ya Juda; bonang, kajeno e hlile e senyehile, ha ho sa le moahi ho yona;


Bohale ba ka le kgalefo ya ka ya ba ya tsholoha, ya tuka metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, tse fetohileng lesupi le lefeella, jwalokaha ho bonahala kajeno.


E bolailwe, e robilwe jwang, noto ya lefatshe lohle? Babilona o sentswe jwang hara ditjhaba?


Ke tla etsa Jerusalema diqubu tsa majwe, letsaba la diphokojwe, le metse ya Juda ke e etse lesupi le hlokang moahi.


Nkile ka bitsa barati ba ka, ke bona ba nkekileng. Baprista ba ka le baholo ba ka ba kile ba timela motseng, ba ntse ba sikila dijo tse ka tsosang meya ya bona.


Morena o kgurumeditse moradi wa Sione keng ka kgalefo? Kganya ya Iseraele o e dihile lehodimong, a e lahlela fatshe; tsatsing la kgalefo ya hae ha a ka a hopola bonamelo ba maoto a hae.


Baholo ba moradi wa Sione ba ituletse fatshe, ba ikgutseditse, ba ithuntsheditse dihlooho ka lerole, ba itlamile ka lesela le mahwashe. Barwetsana ba Jerusalema ba kobotetse fatshe ka dihlooho tsa bona.


Na kgauta e hlile e a fifala jwang? Kgauta e lekilweng e fetohile mmala jwang! Majwe a sehalalelo a hasane keng dikoung tsa mapatlelo wohle na?


Moqhaka o wele dihloohong tsa rona; ho madimabe rona, hobane re sitilwe.


Marena wohle a lewatle a tla theoha diteroneng tsa wona; a tla hlobola dikobo tsa wona, a lahle diaparo tsa wona tse homilweng; a tla apara tshoho, a dule fatshe a ntse a sisimoha, a maketse ke wena.


Mora motho, erekaha Batire ba tlakile Jerusalema ka ho re: Haiaha! kgoro ya ditjhaba e heleditswe, dintho di ya tla ho nna, ke tla ena, hobane motse o sentswe?


Morena Jehova o re: Suna Jerusalema! Ke ne ke mmeile hara ditjhaba, ke beile mafatshe a mang ho mo teela hare;


Ke tla senya metse ya lona, ke e etse dithako; ke tla sohlokanya dihalalelo tsa lona, mme ha ke sa tla hlola ke fofonela dibano tsa lona tse monko o monate.


Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le sale morao ka lerumo. Mme naha ya lona e tla fetoha lesupi, metse ya lona e fetohe dithako.


Ke wona motse oo o nyakaletseng, o neng o dutse ka kgotso, o neng o re pelong ya wona: Ke nna feela, ha ho o mong! ... O fetohile jwang nahathothe, moo ho bothang diphoofolo teng? E mong le e mong ya fetang pela wona o tla letsa molodi, a ba a tsokotse letsoho.


Mo hlokofatseng, le be le mo hlomodise, ho tle ho be ho lekane le ho ithorisa le ho nyakalla ha hae, hobane o itse pelong ya hae: Ke dutse ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme nke ke ka tseba bofifi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ