Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 9:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 E ka kgona ke etse mesebetsi ya ya nthomileng, letsatsi le eso ho dikele; bosiu bo a tla, boo motho a sitwang ho sebetsa ka jona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Eka kgona re etse mesebetsi ya ya nthomileng e sa ntsane e le motsheare; bosiu bo a tla, boo ka bona ho seng ya ka sebetsang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Ke tlameha ho sebetsa mesebetsi ya ya nthomileng e sa le motsheare; bosiu bo a tla, boo ho seng motho ya ka sebetsang ka bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Ke tlameha ho sebetsa mesebetsi ya ya nthomileng e sa le motsheare; bosiu bo a tla, boo ho seng motho ya ka sebetsang ka bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 9:4
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Ba re ho yena: Ke kahobane re sa ka ra memuwa ke motho. A re ho bona: Le lona, eyang tshimong ya ka ya merara, mme ke tla le nea se le loketseng.


Yaba Jesu o re ho motho ya letsoho le omeletseng: Ema mona, hare.


Jesu a ba araba, a re: Ke le bontshitse mesebetsi e mengata e metle, e tswang ho Ntate; ke tlepeletswa ofe ho yona na?


Ekare ha ke sa etse mesebetsi ya Ntate, se ntumeleng;


Jesu a re ho bona: Le sa na le lesedi ka motsotso o se okae. Tsamayang ha le sa na le lesedi, hore lefifi le se ke la le tshwara; hobane ya tsamayang lefifing, ha a tsebe moo a yang teng.


Ke o tlotlisitse lefatsheng, ke phethile mosebetsi oo o neng o nneile wona hore ke o etse.


Jesu a re ho bona: Sejo sa ka ke ho etsa thato ya ya nthomileng, le ho phetha mosebetsi wa hae.


Jesu a araba ke hona, a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Mora o sitwa ho etsa letho a nnotshi, ha a sa ka a le bona le etswa ke Ntatae; hobane tsohle tse etswang ke Ntate, Mora o di etsa jwalo le yena.


Empa nna, ke na le bopaki bo boholo ho ba Johanne; hobane mesebetsi eo ke e neilweng ke Ntate hore ke e etse, yona mesebetsi eo ke e etsang, ke yona e mpakang hore Ntate o nthomile.


Yaba Jesu o re ho bona: Ke sa dutse le lona motsotso o se mokae, ke ntoo ya ho ya nthomileng.


Hobane haele rona, ha ho kamoo re ka lesang ho bolela kateng, tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.


Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ya tumelo.


Lopollang dinako, hobane mehla e se e le mebe.


Tsamayang ka bohlale pela ba kantle, le ntse le lopolla dinako.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ