Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 9:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Batswadi ba hae ba bua jwalo ke ho tshaba Bajuda; kahobane Bajuda ba ne ba se ba rerile hore, ekare ha motho ofe le ofe a ka bolela hore eo ke Kreste, o tla ntshwa sinagogeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Batswadi ba hae ba ile ba bolela tsena ka ho tshaba Bajuda, hobane Bajuda ba ne ba se ba dumellane hore, ha motho a ka bolela hore ke Kreste, o tla kgaolwa phuthehong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Batswadi ba hae ba bua jwalo, kahobane ba ne ba tshaba Bajuda;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Batswadi ba hae ba bua jwalo, kahobane ba ne ba tshaba Bajuda;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 9:22
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho tshaba batho ho isa sefing; empa ya tshepang Jehova o beilwe phahameng.


Ke nna, ke nna ke le tshedisang! Na ke kang ha o ka tshaba motho ya shwang, le ngwana motho ya omellang jwaloka jwang?


Mmameleng, lona ba tsebang ho loka, lona batho ba nang le molao wa ka dipelong tsa lona; le se ke la tshaba nyatso ya batho, le se ke la tshoha ditshomo tsa bona.


Na o tshabile mang, wa tshoha mang, ha o ikentse lehata, o sa ka wa nkgopola, o sa ka wa ntlhokomela na? Na ke hobane e le kgale ke kgutsitse, ha o sa ka wa ntshaba na?


Le tla ba le lehlohonolo mohla batho ba le hloyang, ba le kgethang, ba le hlapaolang, mme ba lahla lebitso la lona jwaloka eka le lebe, ka baka la Mora motho.


Ke bona bopaki ba Johanne, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi, ba etswa Jerusalema, ho ya mmotsa, ho re: Wena o mang?


Ba tla le leleka masinagogeng; esita le nako e a tla, eo e mong le e mong ya le bolayang a tla hloma eka o sebeletsa Modimo.


Kamora tseo, Josefa wa Arimathea, e neng e le morutuwa wa Jesu, a mpa a ipatile ka baka la ho tshaba Bajuda, a kopa ho Pilato, hore a dumellwe ho nka setopo sa Jesu; mme Pilato a mo dumella. Yaba o ya, a tlosa setopo sa Jesu.


Ka mantsiboya a letsatsi leo, e leng le qalang veke, menyako ha e ne e kwetswe ya moo barutuwa ba neng ba phuthehile teng, ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a hlaha, a ema hara bona, a re ho bona: Kgotso e be le lona!


Leha ho le jwalo, ho ne ho se motho ya buang tsa hae pepeneneng, ka baka la ho tshaba Bajuda.


Empa Bajuda ha ba ka ba dumela hobane o ne a foufetse, mme a bile a bona, ho fihlela ha ba bitsa batswadi ba ya neng a boetse a bona.


Empa haele mokgwa oo a bonang ka wona jwale, ha re o tsebe; le ya tutubolotseng mahlo a hae, ha re mo tsebe; mmotseng e le yena; o se a na le dilemo, o tla ikarabela.


Ba mo araba, ba re: O tswaletswe dibeng kahohle, mme o ka hla wa re ruta na! Yaba ba mo lelekela ntle.


Jesu a utlwa hobane ba mo lelekile; yare ha a mo fumana, a re ho yena: Na o dumela ho Mora wa Modimo na?


Yaba ba boela ba ba bitsa, ba ba laela hore ba se ke ba bolela le hanyenyane, leha e le ho ruta, ka lebitso la Jesu.


Ho ne ho se motho wa ba bang ya betang pelo ho kopana le bona; empa setjhaba sona se ne se ba rorisa haholo.


Ba mo dumela: eitse hobane ba bitse baapostola, ba ba shapa, ba ba laela hore ba se ke ba boela ba ruta ka lebitso la Jesu; ba ntoo ba lokolla.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ