Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 8:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Ke a tseba hobane le leloko la Abrahama; empa le rata ho mpolaya, kahobane lentswe la ka ha le na tulo ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 Ke a tseba hore le ditloholo tsa Aborahama, empa le batla ho mpolaya, hobane lentswe la ka ha le fumane sebaka ka ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

37 Ke a tseba hobane le leloko la Abrahama; empa le batla ho mpolaya, hobane lentswe la ka ha le na sebaka ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

37 Ke a tseba hobane le leloko la Abrahama; empa le batla ho mpolaya, hobane lentswe la ka ha le na sebaka ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 8:37
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane pelo ya setjhaba sena e nonne; ditsebe tsa bona di utlwa ka thata, mme ba pompaditse mahlo a bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utlwa ka ditsebe, ba se ke ba utlwisisa ka dipelo, ba se ke ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa.


Mme le se ke la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke a le bolella, ke re: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.


Jwale, Bajuda ba boela ba thola majwe, ba tle ba mo tlepetse.


Ho qala mohlang oo, ba rera hammoho hore ba tle ba mmolaye.


Le ka dumela jwang, lona le ratang ho rorisana, le sa batle thoriso e tswang ho Modimo feela?


Kamora tseo, Jesu a nna a ya le Galelea; hobane a ne a sa rate ho ya le Judea, ke hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.


Ha ke re, Moshe o le neile molao na? Leha ho le jwalo, ha ho e mong wa lona ya phethang molao. Le batlelang ho mpolaya?


Yaba ba bang ba Jerusalema ba re: Na hase yena eo ba mmatlang ho mmolaya na?


Ba mo araba, ba re: Re leloko la Abrahama, ha re eso ho be bahlanka ba motho le ka mohla o le mong; o bolela jwang, ha o re: Le tla lokollwa?


Ha le utlwisise puo ya ka keng? Ke hobane le sitwa ho utlwa lentswe la ka.


Abrahama, ntata lona, o nyakalletse ho bona letsatsi la ka, mme o le bone, a ba a thaba.


Jwale, ba thola majwe hore ba mmetse; empa Jesu a ipata, a tswa tempeleng, a iphetela hara bona; mme a itsamaela jwalo.


Ba bua jwalo ho mo leka, le ho bona seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu o ne a ngola fatshe ka monwana a inamile.


Banna ba heso, bana ba leloko la Abrahama, le ba hara lona ba tshabang Modimo, lentswe lena la poloko le rometswe ho lona.


Hape, le bao e leng ba leloko la Abrahama hase bana ba hae kaofela; empa ho itswe: O tla biletswa leloko le tswang ho Isaaka:


Empa motho wa nama ha a amohele ditaba tseo e leng tsa Moya wa Modimo; hobane ho yena ke bohlanya, mme o sitwa ho di tseba, hobane di lemohuwa ka moya.


Bana, ke a le ngolla, kahobane le tseba ntate. Bontate, ke le ngoletse, ka hobane le tseba ya leng teng esale ho qaleng. Ba batjha, ke le ngoletse, kahobane le matla, mme lentswe la Modimo le dutse ho lona, mme le hlotse e mobe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ