Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 8:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Yaba Jesu o re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: Ekare ha le tiisetsa lentsweng la ka, le tla ba barutuwa ba ka ka nnete;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Jwale Jesu a re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: “Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka kannete;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

31 Yaba Jesu o re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka ka sebele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Yaba Jesu o re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka ka sebele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 8:31
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ya tiisetsang ho fihlela qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Nathanaele a re ho yena: Na ntho e molemo e ka tswa Nasaretha na? Filipi a re ho yena: Tloo, o bone.


Jesu le yena a biletswa bohading le barutuwa ba hae.


Hobane nama ya ka ke sejo kannete, mme madi a ka ke seno kannete.


Ka baka leo, ekare ha Mora a le lokolla etlaba le lokolotswe ka sebele.


Eitse ha phutheho e se e qhalane, Bajuda ba bangata, le Baporoselite ba sebeletsang Modimo, ba latela Pauluse le Barnabase; bao, yare ha ba bua le bona, ba ba kgothatsa ho tiisetsa mohaung wa Modimo.


ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Empa ka hobane ke bone thuso ho Modimo, ke tiiseditse ho fihlela la kajeno ho bolella ba banyenyane le ba baholo, mme ha ke a ka ka bolela ditaba tse ding, haese tseo Moshe le baporofeta ba itseng, di tla hlaha;


Ka baka leo, o lemohe mohau wa Modimo le bothata jwa wona; bothata hodima ba weleng, le mohau hodima hao, ha o tiisetsa molemong oo wa wona; hobane ha o sa tiisetse teng, o tla rengwa le wena.


Ba batlang kganya, le hlompheho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nee bophelo bo sa feleng;


ha le fela le tiya tumelong, le theilwe teng, le sa sisinyehe, mme le sa lahle tshepo ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e boleletsweng babopuwa bohle ba tlasa lehodimo; eo nna, Pauluse, ke entsweng mohlanka wa yona.


Leha ho le jwalo, o tla bolokeha ha a tswala bana, ha a hlola tumelong, le leratong, le kgalalelong, a ena le tshabo.


O ke o itebele, o lebele le yona thuto; mme o tiye teng; hobane, ha o etsa jwalo, o tla ipholosa, o pholose le ba o utlwang.


Empa haele wena, o eme ho tseo o ithutileng tsona, tseo o di tiiseditsweng, o ntse o tseba eo o ithutileng tsona ho yena;


Hobane re filwe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo wa tshepo ya rona;


e seng jwaloka selekane seo ke neng ke se etse le bontata bona, mohla ke ba tshwereng ka letsoho, ka ba ka ba ntsha naheng ya Egepeta; hobane ha ba ka ba tiisetsa selekaneng sa ka, mme ke ba lahlile ke hona, ho itswalo ke Morena.


Empa ya shebisisang molaong o phethehileng, e leng wa tokoloho, mme a tiisetsa teng, e se moutlwi ya hakwang, empa e le moetsi ya sebetsang, motho eo o tla ba le lehlohonolo ho etseng ha hae.


Ba tswile ho rona, empa e ne e se ba rona; hobane hoja e be e le ba rona, ba ka be ba setse ho rona; empa hoo ho hlahile hore ho tle ho bonahale hobane bohle hase ba rona.


Jwale lona, seo le se utlwileng esale ho qaleng, se ke se dule ho lona. Ekare ha seo le se utlwileng, esale ho qaleng, se dula ho lona, le lona le tla dula ho Mora le ho Ntate.


Mang le mang ya kgelohang, ya sa tiisetseng thutong ya Kreste, ha a na Modimo; ya tiisetsang thutong ya Kreste, yena o na le Ntate le Mora.


Ha le ka tshaba Jehova, la mo sebeletsa, la mamela lentswe la hae, le sa ikgantshetse molomo wa Jehova, le tla nne le latele Jehova, Modimo wa lona, lona le morena ya le busang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ