Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 6:70 - Sesotho 1909/1961 (SO)

70 Jesu a ba araba, a re: Ana hase nna ke le kgethileng, lona ba leshome le metso e mmedi? athe e mong wa lona ke Diabolose!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

70 Jesu a ba araba, a re: “Na lona ba leshome le metso e mmedi ha ke a le kgetha na? Athe e mong ho lona ke Diabolosi!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

70 Jesu a ba araba, a re: Na ha ke a ka ka le kgethela lona ba leshome le metso e mmedi, athe e mong wa lona ke diabolosi?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

70 Jesu a ba araba, a re: Na ha ke a ka ka le kgethela lona ba leshome le metso e mmedi, athe e mong wa lona ke diabolosi?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 6:70
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ke bue ka lona kaofela; ke tseba bao ke ba kgethileng, empa ke hore Lengolo le tle le etsahale, le reng: Ya jang bohobe le nna o nthahile ka serethe sa hae.


Ha ho ntse ho lallwa, Diabolose a se a kentse pelong ya Judase Iskariota, mora Simone, takatso ya ho mo eka,


Eitse ha Jesu a boletse taba tseo, a sisimoha moyeng, a tiisa, a re: Kannetenete ke re ho lona: E mong wa lona o tla nkeka.


Eitse hobane a nke sengwathwana, Satane a kena ho yena. Jwale, Jesu a re ho yena: Seo o se etsang, hlo o se etse kapele.


Hase lona le nkgethileng, ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, mme le behe, mme ho beha ha wona ho tiye, e leng hore tsohle tseo le ka di qelang ho Ntate ka lebitso la ka, a le fe tsona.


Hojane le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le rata se sa lona; erekaha le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile lefatsheng, ka baka leo, lefatshe le le hloile.


Enere ha ke sa na le bona lefatsheng, ka nna ka ba boloka ka lebitso la hao. Ke sireleditse bao o nneileng bona, mme ha ho le a mong wa bona ya timetseng, haese mora timelo, hore Lengolo le etsahale.


Jesu le yena a biletswa bohading le barutuwa ba hae.


Thomase, ya bitswang Didima, e mong wa ba leshome le metso e mmedi, o ne a le siyo ho bona, ha Jesu a etla.


Empa ba bang ba teng ho lona ba sa dumeleng. Hobane Jesu o ne a tseba, esale ho qaleng, ba sa dumeleng le ya tlang ho mo eka.


Yaba Jesu o re ho ba leshome le metso e mmedi: Na le lona le rata ho ikela na?


O ne a bolela Judase Iskariota, mora Simone; hobane ke yena ya neng a tla mo eka, e le e mong wa ba leshome le metso e mmedi.


Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.


Hobane o ne a balwa hara rona, mme o ne a abetswe tshebeletso ena.


a re: Wena, motho ya tletseng thetso yohle le mano a mabe wohle, mora Diabolose, sera ho tsohle tse lokileng, na o tla lesa neng ho sokanya tsela tsa Morena tse lokileng na?


Le bona basadi ba bona e be batho ba bokgabane, e seng baetselletsi, ba be le phadimeho le ho tshepeha nthong tsohle.


Le bona basadi ba hodileng ba be le motsamao o lokelang kgalalelo, e se ke ya eba basebi, ba se ke ba ineela veine e ngata, ba rute tse ntle,


ya etsang sebe ke wa Diabolose; hobane Diabolose o etsa sebe esale ho qaleng. Lebaka leo Mora Modimo a hlahileng ka lona, ke hore a fedise mesebetsi ya Diabolose.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ