Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 6:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Yaba Jesu o re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Hase Moshe ya le neileng bohobe bo tswang lehodimong, empa ke yena Ntate ya le neang bohobe ba nnete bo tswang lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, hase Moshe ya le neileng bohobe bo tswang lehodimong, empa ke Ntate ya le neang bohobe ba nnete bo tswang lehodimong,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

32 Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Moshe ha a a ka a le nea bohobe bo tswang lehodimong; empa Ntate o le fa bohobe ba nnete bo tswang lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Moshe ha a a ka a le nea bohobe bo tswang lehodimong; empa Ntate o le fa bohobe ba nnete bo tswang lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 6:32
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, wa laela maru hodimo, wa bula menyako ya mahodimo;


Yaba Jehova o re ho Moshe: Bona, ke tla le nesetsa bohobe bo tswang lehodimong, setjhaba se tla tswa se ipokellele ho lekanang letsatsi, ka matsatsi wohle, ke tle ke ba leke, ke bone hore na ba tla tsamaya ka molao wa ka, kapa ho seng jwalo.


Moshe a ba a re: Ruri, Jehova o tla le fa nama mantsiboya le je, hosasane a le nee bohobe le kgore; hobane o utlwile ho dumaduma ha lona, kamoo le mo ngangisitseng kateng. Rona re eng? Ha le ngangise rona, le ngangisa Jehova.


E ne e le lona lesedi la nnete, le bonesetsang motho e mong le e mong ya hlahang lefatsheng.


Ke nna sefate sa nnete sa morara, mme molemi ke Ntate.


Bontata rona ba jele manna feelleng, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: O ba file bohobe bo tswang lehodimong, ba eja.


Hobane bohobe ba Modimo ke bo theohileng lehodimong, bo neang lefatshe bophelo.


Jesu a re ho bona: Ke nna bohobe ba bophelo; ya tlang ho nna a ke ke a lapa, mme ya dumelang ho nna a ke ke a nyorwa le ka mohla o le mong.


Yaba Bajuda ba mo seba ka hobane a kile a re: Ke nna bohobe bo theohileng lehodimong.


Ke bona bohobe bo theohang lehodimong, hore motho a bo je, mme a se ke a shwa.


Hobane nama ya ka ke sejo kannete, mme madi a ka ke seno kannete.


Bohobe bo theohileng lehodimong ke bona bona; ha ho jwaloka bontata lona ba jeleng manna, mme ba shwele; ya jang bohobe bona, o tla phela ka ho sa feleng.


Empa nako ha di phethehile, Modimo o romile Mora wona, ya tswetsweng ke mosadi, a hlahetse pusong ya molao,


Re a tseba hape hoba Mora Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tsebe Wa nnete; mme re ho Wa nnete, ho Mora wa wona Jesu Kreste; ke yena e leng Modimo wa nnete le bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ