Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 6:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Bontata rona ba jele manna feelleng, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: O ba file bohobe bo tswang lehodimong, ba eja.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Bo-ntata rona ba jele manna feelleng, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: ‘O ba fepile ka bohobe bo tswang lehodimong.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

31 Bontata rona ba jele manna feelleng; jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: O ba neile bohobe bo tswang lehodimong hore ba je.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

31 Bontata rona ba jele manna feelleng; jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: O ba neile bohobe bo tswang lehodimong hore ba je.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 6:31
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wa ba nea bohobe bo tswang mahodimong ho ba fepa, wa ba ntshetsa metsi lefikeng ho ba nosa, wa re ho bona, ba kene, mme ba rue lefatshe leo o neng o hlapantse hore o tla ba nea lona.


O nnile wa ba fa moya wa hao o molemo ho ba hlalefisa; ha o a ka wa tima melomo ya bona manna ya hao, mme wa nna wa ba nea metsi a ho ba nosa.


Yare ha ba kopa, a romela dikwekwe, a ba kgorisa ka bohobe ba lehodimo.


Bana ba Iseraele ba ne ba je manna ka dilemo tse mashome a mane, ho fihlela ba kena naheng eo batho ba leng teng ho yona; ba eja manna ho isa ha ba fihla moeding wa lefatshe la Kanana.


Yaba Jesu o re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Hase Moshe ya le neileng bohobe bo tswang lehodimong, empa ke yena Ntate ya le neang bohobe ba nnete bo tswang lehodimong.


Bontata lona ba jele manna feelleng, mme ba shwele.


Bohobe bo theohileng lehodimong ke bona bona; ha ho jwaloka bontata lona ba jeleng manna, mme ba shwele; ya jang bohobe bona, o tla phela ka ho sa feleng.


O o kokobeditse, a o lapisa, a ntano o fepa ka manna, eo o neng o sa e tsebe pele, eo bontatao ba sa kanga ba e tseba, o tle o tsebe hobane motho a ke ke a phela ke bohobe feela, motho o tla mpe a phele ke tsohle tse tswang molomong wa Jehova.


Haele manna, ya fela ka tsatsi le hlahlamang leo ba jeleng koro ya lefatshe leo ka lona; mme bana ba Iseraele ha ba ka ba hlola ba sa ba le manna, ba mpa ba eja dijo tsa lefatshe la Kanana ka lemo seo.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, ke be ke mo fe le lejwe le lesweu, leo ho ngodilweng ho lona lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ke ya le amohelang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ