Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 6:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Jesu a ba araba, a re: Kannetenete ke re ho lona: Le a mpatla, e seng kahobane le bone mehlolo, empa e le kahobane le jele mahobe, la ba la kgora.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete, ke a le bolella, le mpatla e seng hobane le bone mehlolo, empa e le hobane le jele bohobe, mme la kgora.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

26 Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete ke re ho lona: Le mpatla, e seng kahobane le bone mehlolo, empa e le kahobane le jele mahobe, la kgora.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Jesu a ba araba, a re: “Kannetenete ke re ho lona: Le mpatla, e seng kahobane le bone mehlolo, empa e le kahobane le jele mahobe, la kgora.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 6:26
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

pelo tsa bona ha di a ka tsa o kgomarela ho tiya, mme ha ba ka ba tiisetsa selekaneng sa wona.


Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.


Jesu a araba, a re ho yena: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe la bobedi, o sitwa ho bona mmuso wa Modimo.


Jesu a araba, a re: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, o sitwa ho kena mmusong wa Modimo.


Mme batho bao, eitse ha ba bone mohlolo o entsweng ke Jesu, ba re: Kannete enwa ke moporofeta eo ho itsweng, o tla tla lefatsheng.


Jesu ha a tseba hobane ba se ba ya mo nka ka matla ba tle ba mmee morena, a boela a ya thabeng a notshi.


Bongata bo boholo ba mo latela, kahobane ba ne ba bona mehlolo eo a e etsang ho ba kulang.


jwale, bongata ha bo bona hobane Jesu le bona barutuwa ba hae ha ba sa le yo moo, ba kena le bona dikepaneng, ba ya Kapernauma, ba ntse ba batla Jesu.


Yaba ba re ho yena: Hleka o etsa mohlolo ofe, re tle re o bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng na?


Empa ke le boleletse hore le mpone, empa ha le dumele.


Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna o na le bophelo bo sa feleng.


Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Ekare ha le sa je nama ya Mora motho, le sa nwe madi a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lona.


Empa ba bang ba teng ho lona ba sa dumeleng. Hobane Jesu o ne a tseba, esale ho qaleng, ba sa dumeleng le ya tlang ho mo eka.


Hobane batho ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Jesu Kreste, ba mpa ba sebeletsa dimpa tsa bona feela, mme ba kgelosa dipelo tsa ba se nang molato ka dipolelo tse kgahlehang le ka tse tjhatjhehisang.


Hobane bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tsa Jesu Kreste.


bao qetello ya bona e leng timelo, bao modimo wa bona e leng mpa, ba itlotlisang ka dihlong tsa bona, ba hopotseng dintho tsa lefatshe feela.


le diphapang tsa lefeela tsa batho ba maikutlo a bodileng, ba lahlehetsweng ke nnete, ba lekanyang hore borapedi ke mokgwa wa ho rua. Kgaohana le ba jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ