Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 6:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bongata bo boholo ba mo latela, kahobane ba ne ba bona mehlolo eo a e etsang ho ba kulang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Letshwelehadi la mo latela, hobane le bone mehlolo eo a e entseng ho ba kulang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Letshwele le leholo la mo latela, kahobane le ne le bona mehlolo eo a neng a e etsa ho ba kulang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Letshwele le leholo la mo latela, kahobane le ne le bona mehlolo eo a neng a e etsa ho ba kulang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 6:2
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Jesu a tseba, mme a tloha teng; matshwele a maholo a mo latela, mme a fodisa bohle ba kulang.


Yaba matshwele a maholo a phuthehela ho yena, mme Jesu a kena sekepaneng, a dula teng; bongata bohle ba ema lebopong.


Jesu ha a etswa, a bona bongata bo boholo, a bo utlwela bohloko, a fodisa ba kulang ba bona.


Yare ha a theohile thabeng, matshwele a mangata a mo latela.


Empa motho eo a tloha, a qala ho bolela taba tse ngata, a hasanya se entsweng, Jesu a ba a sitwa le ho kena metseng pepeneneng, a mpa a itulela kantle, feelleng; mme batho ba ne ba etswa kahohle, ba ya ho yena.


Empa matshwele a ba bona ha ba eya, mme ba bangata ba mo tseba; yaba ke moo ba mathelang teng hammoho, ba tswa metseng yohle ka maoto, mme ba fihla teng pele ho bona.


Yaba baprista ba baholo le bafarisi ba bokella lekgotla, ba re: Re tla etsang, haele mona motho eo a etsa mehlolo e mengata na?


Ke ka baka leo hape ba bangata ba ileng ho mo kgahlanyetsa, kahobane ba ne ba utlwile mohlolo oo o entsweng ke yena.


Leha a ne a entse mehlolo e kalo pontsheng ho bona, ba ne ba sa dumele ho yena;


Mohlolo ona, oo Jesu a qadileng ka wona, o ne a o etse Kana wa Galelea; a bontsha kganya ya hae, mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.


Yare a sa le Jerusalema, ka Paseka, mohla mokete, batho ba bangata ba dumela lebitso la hae, ha ba bona mehlolo eo a e etsang.


Jesu a etsa mehlolo e meng e mengata pontsheng ya barutuwa ba hae, e sa ngolwang bukeng ena.


A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo; hobane ha ho motho ya ka etsang mehlolo eo o e etsang, ha Modimo o se ho yena.


Mme batho bao, eitse ha ba bone mohlolo o entsweng ke Jesu, ba re: Kannete enwa ke moporofeta eo ho itsweng, o tla tla lefatsheng.


Ka hosasane, eitse ha bongata bo setseng mose wane wa lewatle bo lemoha hobane ho ne ho se sekepana moo, haese seo barutuwa ba hae ba keneng ho sona, le hobane Jesu a ne a sa ka a kena le barutuwa ba hae sekepaneng seo, barutuwa ba hae ba mpa ba ile ba nnotshi,


Jesu a ba araba, a re: Kannetenete ke re ho lona: Le a mpatla, e seng kahobane le bone mehlolo, empa e le kahobane le jele mahobe, la ba la kgora.


Yaba ba re ho yena: Hleka o etsa mohlolo ofe, re tle re o bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ