Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 5:46 - Sesotho 1909/1961 (SO)

46 Hola le dumela ho Moshe, le ho nna le ka be le dumela; hobane o ngodile taba tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

46 Hoja le dumetse Moshe, le ka be le ntumetse, hobane o buile ka nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

46 Hobane hoja le ne le dumetse Moshe, le ka be le ile la dumela le nna, hobane o ngotse ka nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

46 Hobane hoja le ne le dumetse Moshe, le ka be le ile la dumela le nna, hobane o ngotse ka nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 5:46
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla hlohonolofatsa ba o hlohonolofatsang, ke rohake ba o rohakang, mme mefuta yohle ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho wena.


athe Abrahama e tla ba setjhaba se seholo, se matla, mme mefuta yohle ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho yena?


Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla itlhohonolofatsa lelokong la hao, ka baka la hobane o mametse lentswe la ka.


Ditloholo tsa hao di tla ba ka ka lerole la lefatshe; o tla namela bophirimela le botjhabela, le leboya le borwa, mme mefuta kaofela ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho wena le ho mofuta wa hao.


Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le mahareng a peo ya hao le peo ya hae; peo eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.


Molamu wa borena o ke ke wa tloha ho Juda, kapa lere la bolaodi pakeng tsa maoto a hae, ho be ho fihle Shilo, le ditjhaba di be di mo utlwe.


Yaba o qala ka Moshe, a isa ho baporofeta bohle, a ntse a ba hlalosetsa Mangolong wohle tseo a boletsweng ka tsona.


Athe Filipi eo e ne e le motho wa Bethsaida, motse wa habo Andrease le Petrose.


Empa ekare ha le sa dumele mangolo a hae, le ka dumela mantswe a ka jwang?


Empa ka hobane ke bone thuso ho Modimo, ke tiiseditse ho fihlela la kajeno ho bolella ba banyenyane le ba baholo, mme ha ke a ka ka bolela ditaba tse ding, haese tseo Moshe le baporofeta ba itseng, di tla hlaha;


hobane Kreste ke phetho ya molao, ho bea ya lokileng mang le mang ya dumelang.


Athe nna ka molao ke shwele ka nqeng ya molao, ke tle ke phelele Modimo.


Hobane bohle bao e leng ba mesebetsi ya molao, ba thohakong, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya sa tiisetseng nthong tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao, ho di etsa.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;


Ka mokgwa o jwalo, molao e bile modisa wa bongwana ba rona, ho re isa ho Kreste, re tle re bewe ba lokileng ka tumelo.


Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlahisetsa moporofeta ya tswang haeno, hara banabeno ya jwaloka nna; le tla utlwa yena;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ