Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 5:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hobane lengeloi le ne le ye le theohele letsheng ka mehla e meng, le fudue metsi, mme ya neng a kena letsheng pele, hobane metsi a fuduwe, o ne a fodiswa, leha a ne a kula ke lefu lefe le lefe].

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 hobane ka nako tse ding lengeloi la Morena le ne le ye le theohele letshaneng, le fuduhe metsi, mme ya kenang pele kamora ho fuduhuwa ha metsi, o ne a fodiswa bohlokong bofe le bofe boo a ka bang le bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Hobane ka nako e nngwe lengeloi le ne le theohela letsheng, le fuduhe metsi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Hobane ka nako e nngwe lengeloi le ne le theohela letsheng, le fuduhe metsi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 5:4
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elisha a mo romela lenqosa, a re: Eya o itlhatswe hasupa Jordane, mme nama ya hao e tla boela ho wena e ntjhafetse, o hlweke.


Ke a phakisa, ha ke diehe ho boloka ditaelo tsa hao.


O se ke wa ba wa lesa mahlo a hao a robala, le dintshi tsa hao tsa otsela.


Ke rata ba nthatang; ba mpatlang e sa le kameso, ba tla mphumana.


Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.


A re ho nna: Metsi ao a ikela naheng e ka nqa botjhabela, a tla theohela lefeelleng, a ntoo kena lewatleng; etlare hobane a itshollele lewatleng, metsi a lewatle a tla hlapholoha.


Bohloko ba pelehi bo tla mo hlahela. Eo ke ngwana ya sethoto, hobane ha a itlhahise nakong ya teng, hore a tswalwe.


Sediba se tla ba teng, ka tsatsi leo, se kwaholletsweng ntlo ya Davida le baahi ba Jerusalema, ho hlatswa sebe le ditshila.


Ka tsatsi leo, metsi a kollang a tla tswa Jerusalema, karolo e nngwe ya wona e phallele lewatleng la Botjhabela, e nngwe e phallele lewatleng la Bophirimela; ho nne ho be jwalo lehlabula le mariha.


Ho tloha mehleng ya Johanne Mokolobetsi, ho fihlela jwale, mmuso wa mahodimo o kenwa ka matla, mme ba bohale ba o hapa.


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme dintho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


Etsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng; hobane ke a le bolella, ba bangata ba tla rata ho kena, mme ba tla sitwa.


Molao le baporofeta di ile tsa tiya ho fihlela ho Johanne; mme haesale mohlang oo, mmuso wa Modimo o a bolelwa, mme e mong le e mong o o kena ka matla.


Ho ne ho sekame ho yona bongata bo boholo jwa batho ba kulang, difofu, le dihlotsa, le ba omeletseng ditho, [ba neng ba ntse ba lebeletse phuduo ya metsi.


Monna e mong o ne a le teng moo, ya kutseng ka dilemo tse mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi.


Ya kulang a mo araba, a re: Morena, ha ke na motho ya nkenyang letsheng, ha metsi a sa tswa fuduwa; ke re ke sa tla teng, e mong a theohele pele ho nna.


Mme ke seo ba bang ho lona le neng le le sona; empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, empa le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moya wa Modimo wa rona.


Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa wona, a re hlatswa dibe tsohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ