Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 5:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Se makaleng ke hoo; hobane nako e a tla eo bohle ba mabitleng ba tla utlwa lentswe la hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 “Se makalleng hona, hobane nako e a tla, eo ka yona bohle ba ka mabitleng ba tla utlwa lentswe la hae,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

28 Se makaleng ke hoo, hobane nako e a tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utlwa lentswe la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Se makaleng ke hoo, hobane nako e a tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utlwa lentswe la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 5:28
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bafu ba hao a ba ke ba boele ba utlwe; ditopo tsa ka a di ke di tsoswe! Tsohang, lona ba robetseng leroleng, le thabe, hobane phoka ya hao ke phoka e medisang, mme lefatshe le tla ntsha bafu ba ho lona.


Ba bangata ho ba robetseng leroleng la lefatshe ba tla tsoha, ba bang ba tsohele bophelo bo sa feleng, ba bang ba tsohele dihlong le sekgobo se sa feleng.


Na ke tla ba lopolla matleng a nqalo ya bafu, ke ba namolele lefung? Wena lefu, mahloko a hao a kae? Wena nqalo ya bafu, tshenyeho ya hao e kae? Ha ke bone kamoo nka fetohang tabeng eo kateng.


Se makale, ha ke re ho wena: E ka kgona le tswalwe la bobedi.


Jesu a re ho yena: Mosadi, ntumele, nako e a tla, eo le sa tlo ka le rapela Ntate thabeng eo, leha e le Jerusalema.


Empa nako e a tla, le jwale e setse e le yona, eo barapedi ba nnete ba tla rapela Ntate ka moya le ka nnete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang jwalo.


Hobane Ntate o rata Mora, mme o mmontsha tsohle tseo yena a di etsang; o tla mmontsha le mesebetsi e meholo ho ena, le tle le makale.


Kannetenete ke re ho lona: Nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo bafu ba tla utlwa lentswe la Mora Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.


Ke na le tshepo ho Modimo, eo le bona ba nang le yona, ya hore tsoho ya bafu e tla ba teng, ya ba lokileng le ya ba sa lokang.


Petrose ha a bona hoo, a bolella setjhaba, a re: Banna ba Iseraele, le tsotelang taba eo? Le re hlabelang ka mahlo, jwaloka eka ke ka matla a rona, kapa ka borapedi ba rona re tsamaisitseng motho eo?


Hobane jwalokaha bohle ba eshwa ka Adama, bohle le jwale ba tla boela ba phele ka Kreste.


ya tlang ho fetola mmele ya rona e nyatsehang, ho e etsa sebopeho se le seng le mmele wa hae o kganyang, ka tshebetso eo a ka tsebang ka yona le ho ipeela dintho tsohle katlasa hae.


Ka ntoo bona bafu ba banyenyane le ba baholo ba eme pela terone; ha phetlwa dibuka; ha phetlwa le buka e nngwe, e leng buka ya bophelo; mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, e leng ka mesebetsi ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ