Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 5:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Kannetenete ke re ho lona: Nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo bafu ba tla utlwa lentswe la Mora Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Kannetenete, ke a le bolella: Nako e a tla, mme e se e fihlile, eo ka yona bafu ba tla utlwa lentswe la Mora wa Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 Kannetenete ke re ho lona: Nako e a tla, mme e se e fihlile, eo bafu ba tla utlwa lentswe la Mora wa Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Kannetenete ke re ho lona: Nako e a tla, mme e se e fihlile, eo bafu ba tla utlwa lentswe la Mora wa Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 5:25
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane mora enwa wa ka o ne a shwele, mme jwale o boetse o pholohile; o ne a lahlehile, mme jwale o boetse o fumanwe. Mme ba qala ho nyakalla.


Empa re ne re tshwanetse ho nyakalla le ho thaba, hobane enwa, ngwaneno, o na be a shwele, mme o bile o pholohile; o na be a lahlehile, mme o bile o fumanwe.


Jesu a re ho yena: Lesa bafu ba epele bafu ba bona; haele wena, eya bolela mmuso wa Modimo.


Mokete wa Paseka ha o se o tla etswa, Jesu, ka ho tseba hobane nako ya hae e tlile ya ho tloha lefatsheng, ho ya ho Ntatae, jwalokaha a ne a ratile ba hae ba lefatsheng, a ba rata le ho isa qetellong.


Jesu a bolela taba tseo, a ntoo lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile! Tlotlisa Mora wa hao, hore Mora wa hao a o tlotlise le yena;


Jesu a re ho yena: Mosadi, ntumele, nako e a tla, eo le sa tlo ka le rapela Ntate thabeng eo, leha e le Jerusalema.


Empa nako e a tla, le jwale e setse e le yona, eo barapedi ba nnete ba tla rapela Ntate ka moya le ka nnete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang jwalo.


Hobane, jwalokaha Ntate a tsosa bafu, le ho ba pholosa, le yena Mora o pholosa bao a ratang ho ba pholosa.


Se makaleng ke hoo; hobane nako e a tla eo bohle ba mabitleng ba tla utlwa lentswe la hae;


Barutuwa ba hae ba bangata, hobane ba utlwe a rialo, ba re: Taba eo e thata, ya ka e utlwang ke mang?


Ha le utlwisise puo ya ka keng? Ke hobane le sitwa ho utlwa lentswe la ka.


Eo e leng wa Modimo o utlwa mantswe a Modimo; ke ka baka leo le sa utlweng, hobane le se ba Modimo.


A ba araba, a re: Ke se ke le boleletse, mme ha le a ka la mamela. Na taba eo le boetse le rata ho e utlwa ka baka lang na? Na le lona le rata ho ba barutuwa ba hae na?


Ka baka leo, re ile ra patwa le yena ka ho kolobeletswa lefung, hore, jwalokaha Kreste a tsositswe bafung ke kganya ya Ntatae, ka mokgwa o jwalo le rona re tsamaye ka bophelo bo botjha.


O le tsositse jwalo le lona le neng le shwele melatong ya lona le dibeng tsa lona;


ha re ne re itjhweletse melatong ya rona, o re pholositse hammoho ho Kreste (hobane le bolokehile ke mohau),


Ke ka baka leo ho itsweng: Tsoha, wena morobadi, tloha hara bafu, mme Kreste o tla o bonesetsa.


Eitse ha le ne le sa ntse le itjhweletse dibeng tsa lona le ho se bolleng ha nama ya lona, o le phedisitse hammoho le yena, ka ho le tshwarela ditlolo tsohle;


Ngolla lengeloi la kereke ya Sarda, o re: Ya tshwereng Meya e supileng ya Modimo le dinaledi tse supileng, o bolela tsena, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hoba o na le botumo ba ho phela, athe o shwele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ