Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 5:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ka baka leo, Bajuda ba thoothelwa ho mmolaya, ka hore, ha a tlole molao wa Sabatha feela, empa o bile o re, Modimo ke Ntatae ka sebele, mme o iketsa ya lekanang le Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Ka baka lena, Bajuda ba eketsa ho batla ho mmolaya, e seng feela hobane a tlola molao wa Sabatha, empa a bile a itse, Modimo ke Ntatae ka sebele, a iketsa ya lekanang le Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Ka baka leo, Bajuda ba batla ho mmolaya, kahobane e ne e se feela hore a tlotse Sabatha, empa a bile a bolela hore Modimo ke Ntatae, a iketsa ya lekanang le Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Ka baka leo, Bajuda ba batla ho mmolaya, kahobane e ne e se feela hore a tlotse Sabatha, empa a bile a bolela hore Modimo ke Ntatae, a iketsa ya lekanang le Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 5:18
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wena lerumo, tsohela modisa wa ka, e leng monna e leng mohaeso, ho bolela Jehova wa makgotla. Otla modisa, dinku di tle di qhalane; empa ke tla busa letsoho la ka hodima ba banyenyane.


Kapa ha le a ka la bala molaong hobane, ka matsatsi a Sabatha, baprista ba tlola molao wa Sabatha tempeleng, mme ha ba na molato?


Ke bona bopaki ba Johanne, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi, ba etswa Jerusalema, ho ya mmotsa, ho re: Wena o mang?


Bajuda ba mo fetola, ba re: Ha o tlepeletswe mosebetsi o motle, empa ke ka baka la nyefolo, kahobane o re o le motho, o iketsa Modimo.


Jesu a araba, a re ho yena: Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka; Ntate o tla mo rata, mme re tla tla ho yena, re ahe ho yena.


Jesu a re ho yena: Ke dutse le lona nako e kalo, mme ha o a ka wa ntseba, Filipi, na? Ya mponeng o bone Ntate, mme o ka rialo jwang, ha o re: Re bontshe Ntate?


Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o lokelwa ke ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.


Monna eo a ya tsebisa Bajuda hobane ya mo fodisitseng ke Jesu.


Ka baka leo, Bajuda ba hlorisa Jesu, ba rata ho mmolaya, kahobane a ne a etsa tse jwalo ka Sabatha.


Empa Jesu a ba araba, a re: Ntate o sa sebetsa le jwale, le nna ke a sebetsa.


hore bohle ba hlonephe Mora, jwalokaha ba hlonepha Ntate. Ya sa hlonepheng Mora, ha a hlonephe le Ntate ya mo romileng.


Kamora tseo, Jesu a nna a ya le Galelea; hobane a ne a sa rate ho ya le Judea, ke hobane Bajuda ba ne ba batla ho mmolaya.


Ha ke re, Moshe o le neile molao na? Leha ho le jwalo, ha ho e mong wa lona ya phethang molao. Le batlelang ho mpolaya?


Jesu a araba, a re: Ekare ha ke ithorisa e le nna, thoriso ya ka hase letho; ya nthorisang ke Ntate, eo le reng ke Modimo wa lona.


Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Abrahama ha a eso ho hlahe, ke ntse ke le teng.


eo leha a ne a ema ka sebopeho sa Modimo, a sa kang a lekanya hobane o a utswa ha a iketsa ya lekangang le Modimo;


Lengeloi la mpontsha hape noka e ntle ya metsi a bophelo, a hlwekileng jwaloka kristale, e tswang teroneng ya Modimo le Konyana.


Anathema ha e sa tla hlola e eba teng; se leng hona teng ke terone ya Modimo le ya Konyana, mme bahlanka ba wona ba tla o sebeletsa;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ