Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 5:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Athe letsatsi leo ya be e le Sabatha. Yaba Bajuda ba re ho ya fodisitsweng: Ke Sabatha, ha o a lokela ho jara diphate tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Ka hona Bajuda ba re ho ya fodisitsweng: “Ke Sabatha, mme ha ho dumellehe hore o nke diphate tsa hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Yaba Bajuda ba re ho ya fodisitsweng: Ke Sabatha;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Yaba Bajuda ba re ho ya fodisitsweng: Ke Sabatha;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 5:10
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha o ka thibela maoto a hao hore a se ke a senya Sabatha, wa tela mosebetsi wa hao ka letsatsi la ka le kgethehileng; ha o ka bitsa Sabatha letsatsi la thabo, letsatsi le kgethehileng la Jehova wa le bitsa kgahliso ya hao, wa le hlompha ka ho lesa ho ya ka ditsela tsa hao, le ka ho se etse mosebetsi wa hao, le ka ho se bue ditaba tsa lefeela;


Ho itswe ke Jehova: Itebelleng meya ya lona, le se ke la jara diphahlo ka tsatsi la Sabatha, le se ke la di tsamaisa ka menyako ya Jerusalema.


Empa ha le hana ho nkutlwa, ha ke le laela ho boloka letsatsi la Sabatha, le ho se jare diphahlo, le ho se di kenye ka menyako ya Jerusalema ka tsatsi la Sabatha, ke tla besa mollo menyakong ya motse, o tle o tjhese matlo a borena a Jerusalema, mme ha o ka ke wa tingwa.


Motho o ne a le teng moo, ya letsoho le omeletseng; ba botsa Jesu, ba re: Ana ho ka lokela ho fodisa ka tsatsi la Sabatha na? Ba rialo, ba batla sebaka sa ho mo qosa.


Bafarisi ba re ho yena: Bona, ba etsetsang ka Sabatha ho sa dumellwang.


A ntoo re ho bona: Haele ho etsa hantle, e le ho etsa hampe, ho pholosa motho kapa ho mmolaya, ho lokelang ho etswa ka Sabatha ke hofe na? Empa ba kgutsa.


Empa mmusi wa sinagoge a hlonama ke hobane Jesu a fodisitse motho ka Sabatha, mme a bolella batho, a re: Matsatsi a tsheletse ao e ka kgonang ho sebetswe ka wona; le no tla ka wona ho tla fodiswa, e seng ka letsatsi la Sabatha.


Ba kgutla, ba lokisa dinoko le ditlolo; mme ka letsatsi la Sabatha, ba phomola ka molao.


Bafarisi ba bang ba re ho bona: Le etsetsang ho sa dumellwang ho etswa ka Sabatha?


Ke bona bopaki ba Johanne, mohla Bajuda ba romileng baprista le Balevi, ba etswa Jerusalema, ho ya mmotsa, ho re: Wena o mang?


A ba araba, a re: Ya mphodisitseng ke yena ya itseng ho nna: Nka diphate tsa hao, o tsamaye.


Monna eo a ya tsebisa Bajuda hobane ya mo fodisitseng ke Jesu.


Ka baka leo, Bajuda ba hlorisa Jesu, ba rata ho mmolaya, kahobane a ne a etsa tse jwalo ka Sabatha.


Na ha motho a bolotswa ka Sabatha, ho tle ho se ke ha tlolwa molao wa Moshe, le nkgalefetse keng ha ke fodisitse motho kahohle Sabatha na?


Ka baka leo, bafarisi ba bang ba re: Motho eo hase wa Modimo, hobane ha a boloke Sabatha. Ba bang ba re: Motho wa moetsadibe a ka etsa jwang mehlolo e kale ka eo na? Mme phapang e ne e le teng hara bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ