Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 4:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Sediba sa Jakobo se teng moo. Jesu, kahobane a ne a kgathetse ke tsela, a dula pela sediba; e ne e batla e le hora ya botshelela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Sediba sa Jakobo se ne se le hona moo. Kaha Jesu a ne a kgathetse ke leeto, a dula sedibeng; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Jwale sediba sa Jakobo se ne se le teng. Eitse hobane Jesu a kgathetse ke leeto, a dutse hodima sediba jwalo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Jwale sediba sa Jakobo se ne se le teng. Eitse hobane Jesu a kgathetse ke leeto, a dutse hodima sediba jwalo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 4:6
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka hora ya botshelela, lefifi la eba teng lefatsheng lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong.


A dula a itimile dijo ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, a ntoo lapa.


Mme bonang, ha tsoha sefefo se seholo lewatleng, sekepana sa ba sa apeswa ke maqhubu a metsi; empa Jesu yena o ne a robetse.


a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phuthela maseleng, mme a mo robatsa sejelong, kahobane ho ne ho se sebaka sa bona tlung ya baeti.


Empa Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le matlo; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho ya hae teng.


Jesu a araba, a re: Na hora ha di leshome le metso e mmedi ho letsatsi le le leng na? Ekare ha motho a tsamaya motshehare, a ke ke a kgoptjwa, kahobane o bona lesedi la lefatshe lena.


Na o moholo ho ntata rona Jakobo, ya re neileng sediba sena, a ba a nwa ho sona ka sebele sa hae, le bara ba hae, le dikgomo tsa hae?


Yaba o fihla motseng wa Samaria, o bitswang Sikare, haufi le naha eo Jakobo a neng a e nee Josefa, mora wa hae.


Jwale mosadi e mong wa Samaria a tla kga metsi, Jesu a re ho yena: Mphe, ke nwe.


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.


Ka baka leo, ho ne ho tshwanetse hobane a ka etswa ya tshwanang kahohle le banababo, e tle e be moprista e moholo ya mohau, ya tshepehang ditabeng tsa Modimo, a tle a etsetse dibe tsa setjhaba pheko.


Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ