Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 4:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Modimo ke Moya: ba o rapelang e ka kgona ba rapele ka moya le ka nnete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Modimo ke moya, mme ba mo kgumamelang eka kgona ba mo kgumamele ka moya le ka nnete.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Modimo ke Moya, mme ba o rapelang ba tshwanetse ho o rapela ka moya le ka nnete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Modimo ke Moya, mme ba o rapelang ba tshwanetse ho o rapela ka moya le ka nnete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 4:24
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova o haufi le bohle ba mo rapelang, le bohle ba mo rapelang ka nnete.


Ya ntlhabelang sehlabelo sa diteboho ke yena ya ntlotlisang; e mong le e mong ya lokisang tsela ya hae, ke tla mmontsha poloko ya Modimo.


Sehlabelo se ratwang ke Modimo, ke moya o robehileng. Modimo, ha o kgese pelo e robehileng, e hlomohileng.


Hola eba ke hopotse bokgopo pelong ya ka, Morena a ka be a sa ka a nkutlwa;


Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.


Empa nako e a tla, le jwale e setse e le yona, eo barapedi ba nnete ba tla rapela Ntate ka moya le ka nnete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang jwalo.


Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


Mme Morena ke Moya; mme moo Moya wa Morena o leng teng, tokoloho e teng.


hobane ke rona re leng lebollo la nnete, bao re sebeletsang Modimo moyeng, bao re ithorisetsang ho Jesu Kreste, bao re sa tshepeng nama.


Ho Morena ya se nang ho fela, ya sa shweng, ya sa bonweng, ho Modimo o bohlale o nnotshi, e be letlotlo le kganya ka ho sa feleng! Amen!


Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ