Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 4:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Jesu a re ho yena: Mosadi, ntumele, nako e a tla, eo le sa tlo ka le rapela Ntate thabeng eo, leha e le Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Jesu a re ho yena: “Mosadi, ntumele hore nako e a tla eo ka yona le sa tlo kgumamella Ntate thabeng ena, leha e le Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Jesu a re ho yena: Mosadi, ntumele, nako e a tla, eo le ke keng la rapela Ntate thabeng ena, leha e le Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Jesu a re ho yena: Mosadi, ntumele, nako e a tla, eo le ke keng la rapela Ntate thabeng ena, leha e le Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 4:21
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka: ho rialo Jehova. E kae ntlo eo le ka nkgahelang yona? E kae nqalo eo nka phomolang ho yona?


Mora motho, banna bana ba kgomaretse ditshwantsho tsa bona ka dipelo tsa bona, ba beile lebaka la kgopiso la bokgopo ba bona maloka le bona: Hleka nka dumela ho botswa ke bona na?


Mora motho, bolella baholo ba Iseraele, o re ho bona: Morena Jehova o re: Na le tlile ho mpotsa na? Ke a phela, ha ke dumele ho botswa ke lona: ho rialo Morena Jehova.


Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.


Hobane moo ba babedi, kapa ba bararo, ba phuthehileng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.


Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;


Ba tla wa ka bohale ba sabole, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; mme Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethwe mehla ya ditjhaba.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna.


Ba tla le leleka masinagogeng; esita le nako e a tla, eo e mong le e mong ya le bolayang a tla hloma eka o sebeletsa Modimo.


Bonang, nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo le tla qhalana ka yona, e mong le e mong a ye ka tsela ya hae, le ntlohele ke nnotshi; empa ha ke nnotshi, hobane Ntate o na le nna.


Empa nako e a tla, le jwale e setse e le yona, eo barapedi ba nnete ba tla rapela Ntate ka moya le ka nnete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang jwalo.


Kannetenete ke re ho lona: Nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo bafu ba tla utlwa lentswe la Mora Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.


Se makaleng ke hoo; hobane nako e a tla eo bohle ba mabitleng ba tla utlwa lentswe la hae;


hobane re mo utlwile a bolela hore Jesu eo wa Nasaretha o tla fedisa nqalo ena, a fetole le mekgwa eo re e neilweng ke Moshe.


hobane ke ka yena re nang le katamelo ba babedi ho Ntate, ka Moya o le mong.


Ke ka baka leo ke kgumamang pela Ntata Morena wa rona Jesu Kreste,


Ke fela ke rata hoba banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a masweu, ho se bohale le kgang.


Mme ha le bitsa Ntata lona eo e leng ya ahlolang e mong le e mong ka mesebetsi ya hae, e seng ka tshobotsi, le tsamaye ka tshabo mehleng ya ho hlola ha lona lefatsheng;


Haele tempele, ha ke a ka ka e bona ho wona; hobane Morena Modimo o matla wohle le Konyana ke tempele ya wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ