Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 21:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Kannetenete ke re ho wena: Enereha o sa le motjha, o ne o itlama o nnotshi, o itsamaela moo o ratang teng; empa etlare hobane o tsofale, o tla otlolla matsoho a hao, mme e mong o tla o tlama, a o ise moo o sa rateng teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Kannetenete, ke a o bolella, ha o ne o sa le motjha o ne o ikapesa, o tsamaya moo o ratang teng, empa ha o se o tsofetse, o tla otlolla matsoho a hao, mme e mong o tla o apesa, a o ise moo o sa rateng teng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Kannetenete ke re ho wena: Ha o ne o sa le monyenyane, o ne o itlama, o itsamaela moo o ratang teng; empa mohla o tsofetseng, o tla otlolla matsoho a hao, e mong a o tlame, a o ise moo o ratang. eseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Kannetenete ke re ho wena: Ha o ne o sa le monyenyane, o ne o itlama, o itsamaela moo o ratang teng; empa mohla o tsofetseng, o tla otlolla matsoho a hao, e mong a o tlame, a o ise moo o ratang eseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 21:18
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho lehlohonolo bahlanka bao, morena ha a fihla, a tla ba fumana ba fadimehile! Kannete ke re ho lona: O tla itlama, a ba dudise dijong, mme o tla atamela, a ba sebeletse.


Simone Petrose a re ho yena: Morena, o ya kae? Jesu a mo araba, a re: Moo ke yang teng, o ka sitwa ho ntatela jwale; empa hamorao o tla ntatela teng.


A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka.


O ne a rialo a lekanya mofuta wa lefu leo Petrose a tla tlotlisa Modimo ka lona. Yare hobane Jesu a bolele tseo, a re ho yena: Ntatele!


Eitse hobane a tle ho rona, a nka senyepa sa Pauluse, a itlama matsoho la maoto ka sona, a re: Moya o Halalelang o bolela, o re: Monna eo senyepa sena e leng sa hae, Bajuda ba tla mo tlama jwalo Jerusalema, ba be ba mo neele matsohong a baditjhaba.


Hobane rona, ba motlotlwaneng ona, re hemiswa ke ho imelwa; kahobane ha re rate ho hlobola, empa e le ho apara wa lehodimo hodima wona, se shwang se tle se monngwe ke bophelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ