Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 21:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yare hobane ba qete ho ya, Jesu a re ho Simone Petrose: Simone, mora Jona, a o nthata haholo ho fetisa bana na? A re ho yena: E, Morena, o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dikonyana tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Jwale ha ba se ba jele, Jesu a re ho Simone Petrose: “Simone, mora Johanne, na o nthata ho feta baa na?” A re ho yena: “E, Morena, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dikonyana tsa ka!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Eitse hobane ba je, Jesu a re ho Simone Petrose: Simone, mora Jona, a o nthata ho fetisa bana na? A re ho yena: E, Morena; o a tseba hobane ke a o rata. A re ho yena: Fepa dikonyana tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Eitse hobane ba je, Jesu a re ho Simone Petrose: Simone, mora Jona, a o nthata ho fetisa bana na? A re ho yena: E, Morena; o a tseba hobane ke a o rata. A re ho yena: Fepa dikonyana tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 21:15
49 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a re ho yena: Morenaka, o a tseba hobane bana ba sa ntse ba fokola, mme ke na le dinku le dikgomo tse anyesang; ekare ha di ka potlakiswa ka letsatsi le le leng, mohlape kaofela o ka shwa.


Davida a ka boela a bolela dife ho wena? O tseba mohlanka wa hao, Morena Jehova!


Oho, Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao. Mme Esekiase a lla haholo.


O tla alosa mohlape wa hae ka mokgwa wa modisa, o tla bokella dikonyana matsohong a hae, a di jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a di sotetse butle.


Ke tla di nea badisa ba di alosang; ha di sa tla tshaba, ha di sa tla thothomela, ha ho ka ke ha hlokahala le e nngwe ya tsona, ho bolela Jehova.


Ke tla le nea badisa ba nkgahlisang, ba le alose ka tsebo le ka kelello.


Ke tla di hlahisetsa modisa a le mong, mme o tla di disa; e tla ba mohlanka wa ka Davida; ke yena ya tla di disa, eo e tla ba modisa wa tsona.


Yaba o re ho nna: Ena ke ntlo ya dipitsa tseo ba sebetsang mesebetsi ya ntlo ba tla pheha mahlabelo a setjhaba ka tsona.


Ya ratang ntatae, leha e le mmae haholo ho nna, ha a ntshwanele; le ya ratang mora hae, leha e le moradi wa hae haholo ho nna, ha a ntshawanele;


Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone, mora Jona; hobane hase nama le madi a o kwaholletseng hoo, empa e le Ntate ya mahodimong.


Iponeleng, le se ke la nyedisa le a mong wa ba banyenyane bana; hobane ke re ho lona: Mahodimong, mangeloi a bona a tadima kamehla sefahleho sa Ntate ya mahodimong.


Petrose a bua, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ho wena, nna nke ke ka kgoptjwa le hanyenyane.


Petrose a re ho yena: Leha ho ka thwe, ke shwe le wena, nke ke ka ba ka o latola. Le barutuwa bohle ba bolela jwalo.


Petrose a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa, haele nna, tjhe!


Mohlatswana, se tshabe, hobane ho kgahlile Ntata lona ho le fa mmuso.


empa nna ke o rapeletse hore tumelo ya hao e tle e se ke ya fela. Jwale, wena, etlere hobane o bake, o tiise banabeno.


Yena a fumana pele Simone, ngwanabo ka sebele; a re ho yena: Re bone Messia — ke ho re, Kreste, ha ho fetolwa.


Petrose a re ho yena: Morena, nka sitwa keng ho o latela jwale? Athe ke tla tela bophelo ba ka ka baka la hao.


hobane Ntate o a le rata e le yena, kahobane le nthatile, mme le dumetse hoba ke tswa ho Modimo.


Jesu a re ho bona: Tloong, le je. Mme ho ne ho se e mong ho barutuwa ba hae ya betang pelo ho mmotsa hore: O mang? Hobane ba ne ba tseba hobane ke Morena.


Morutuwa ya ratwang ke Jesu a re ho Petrose: Ke Morena. Yare ha Simone Petrose a utlwa hoba ke Morena, a apara kojwana ya hae, hobane o ne a hlobotse, mme a itihela lewatleng.


Jesu a re ho bona: Holane Modimo ke ntata lona, le ka be le nthata, kahobane ke tswile ho Modimo, mme ke tlile. Ha ke a itlisa, empa ke wona o nthomileng.


Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.


Hobane ke a tseba hobane, ha ke se ke tlohile, ho tla kena ho lona diphiri tse bohale, tse sa tlong ho qenehela mohlape;


Haele ya fokolang tumelong, le mo amohele, e seng ho fapanyetsana ditaba le yena ka kgang.


Jwale, rona ba matla, re tshwanetse ho jara mefokolo ya ba fokolang, mme re se ke ra batla ho kgahlisang rona feela.


Mme jwale, ngwaneno eo ya fokolang, eo Kreste a mo shwetseng, o tla timela ke tsebo ya hao!


Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.


hore re se hlole re eba bana, ba jwaloka mahohodi, ba fetohelang moyeng o mong le o mong wa thuto e ntjha, ka thetso ya batho, le ka mano a bona a ho kgelosa ka bohata;


Mohau o be le bohle ba ratang Morena wa rona Jesu Kreste ka lerato le sa feleng. Amen!


Modimo wa kgotso, o kgutlisitseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.


eo le mo ratang, leha le sa ka la mmona; eo, leha le eso ho mmone ho fihlela jwale, le dumetseng ho yena, mme le nyakallang ka thabo e sa bolelweng, e tlotlehang;


mme le lapele haholo, jwaloka bana ba tswang ho tswalwa, lebese la moya, le sa tswakwang, le tle le holele poloko ke lona;


Hobane le ne le le jwaloka dinku tse lahlehileng; empa jwale, le boetse ho eo e leng modisa le molebedi wa meya ya lona.


Re a mo rata, kahobane e le yena ya re ratileng pele.


E mong le e mong ya dumelang hobane Jesu ke Kreste, o tswetswe ke Modimo; mme e mong le e mong ya ratang motswadi, o rata le ya tswetsweng ke yena.


Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ