Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 20:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Barutuwa ba bang ba re ho yena: Re bone Morena. A mpa a re ho bona: Ekare ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka maqebeng a dithakgisa, ka kenya le letsoho la ka lehlakoreng la hae, nke ke ka dumela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Barutuwa ba bang ba re ho yena: “Re bone Morena.” Empa a re ho bona: “Ha ke sa bone maqeba a dithakgisa matsohong a hae, ka kenya monwana wa ka masobeng a dithakgisa, mme ka kenya letsoho la ka lehlakoreng la hae, ha nka ke ka dumela.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 Barutuwa ba bang ba re ho yena: Re bone Morena. Empa a re ho bona: Ekare ha ke sa bone leqeba la lipekere matsohong a hae, ka kenya monoana leqebeng la lipekere, ka kenya letsoho la ka lehlakoreng la hae, nke ke ka lumela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Barutuwa ba bang ba re ho yena: Re bone Morena. Empa a re ho bona: Ekare ha ke sa bone leqeba la lipekere matsohong a hae, ka kenya monoana leqebeng la lipekere, ka kenya letsoho la ka lehlakoreng la hae, nke ke ka lumela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 20:25
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le hoja o ka araba mohoo wa ka, nka sitwa ho dumela hore o ka utlwa lentswe la ka;


Hobane dintja di nteetse hare, lekgotla la ba bolotsana le ntikile, ba hlabile diatla tsa ka le maoto a ka.


Leha ho le jwalo, ba boela ba sitwa, ba se ke ba dumela meeka ya wona.


O pholositse ba bang, yena o sitwa ho ipholosa! Haele yena morena wa Iseraele, a ke a theohe jwale sefapanong, mme re tla dumela ho yena.


Bao, ha ba utlwa hore a boetse o a phela, le hore o bonwe ke yena, ha ba ka ba kgolwa.


Le bona ba kgutla, ba phetela ba bang; empa le bona ha ba ka ba ba dumela.


Ho feleng, a itlhahisa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong; a nyatsa ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba sa ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.


Yaba o re ho bona: Jo! batho ba se nang kutlwisiso, ba pelo tse diehang ho dumela tsohle tse boletsweng ke baporofeta!


Andrease, ngwanabo Simone Petrose, e ne e le e mong wa ba babedi bao ba utlwileng Johanne ha a bolela, mme ba latela Jesu.


A ntoo re ho Thomase: Tlisa monwana wa hao mona, mme o tadime diatla tsa ka; ntsha letsoho la hao, o le kenye lehlakoreng la ka, mme o se ke wa ba ya sa dumeleng, o mpe o be ya dumelang.


Morutuwa ya ratwang ke Jesu a re ho Petrose: Ke Morena. Yare ha Simone Petrose a utlwa hoba ke Morena, a apara kojwana ya hae, hobane o ne a hlobotse, mme a itihela lewatleng.


Yaba ba re ho yena: Hleka o etsa mohlolo ofe, re tle re o bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng na?


Banabeso, iponeleng, esebe e mong ho lona a ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, e mo lahlisang Modimo o phelang;


Mme ke ho bomang o kileng wa hlapanya hore ba ke ke ba kena phomolong ya wona, haese ho ba ikgantshitseng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ