Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 20:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ka mantsiboya a letsatsi leo, e leng le qalang veke, menyako ha e ne e kwetswe ya moo barutuwa ba neng ba phuthehile teng, ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a hlaha, a ema hara bona, a re ho bona: Kgotso e be le lona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Mantsiboyeng a letsatsi leo le qalang beke, ha menyako ya moo barutuwa ba neng ba le teng e notletswe ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a tla, a ema hara bona, a re ho bona: “Kgotso e be le lona!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Yare mantsiboya, e leng letsatsi la pele la beke, menyako ya moo barutuwa ba neng ba phuthehetse teng e kwetswe, ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a tla, a ema hara bona, a re ho bona: Kgotso e be le lona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Yare mantsiboya, e leng letsatsi la pele la beke, menyako ya moo barutuwa ba neng ba phuthehetse teng e kwetswe, ka baka la ho tshaba Bajuda, Jesu a tla, a ema hara bona, a re ho bona: Kgotso e be le lona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 20:19
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bakeng sa banabeso le sa metswalle ya ka, ke tla re: Kgotso e be ho wena!


Ekare ha ntlo eo e ena le tshwanelo, kgotso ya lona a e tle ho yona; empa ha e se na tshwanelo, kgotso ya lona e kgutlele ho lona.


Hobane moo ba babedi, kapa ba bararo, ba phuthehileng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.


Ho feleng, a itlhahisa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong; a nyatsa ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba sa ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.


Ke le siela kgotso; ke le fa kgotso ya ka; ha ke le fe kamoo lefatshe le fang kateng. Dipelo tsa lona di se ferekane, mme di se tshohe.


Le lona le utlwa bohloko jwale; empa ke tla boela ke le bone, mme dipelo tsa lona di tla thaba, mme ha ho motho ya tla le amoha thabo ya lona.


Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna.


Jesu a boela a re ho bona: Kgotso e be le lona! Jwalokaha Ntate a nthomile, le nna ke le roma jwalo.


Eitse ha ditshiu tse robileng meno e le mmedi di fetile, barutuwa ba hae ba ne ba boetse ba le tlung, le Thomase a ena le bona. Yaba Jesu o a hlaha, menyako e ntse e kwetswe, a ema hara bona, a re: Kgotso e be le lona!


Kamora tseo, Jesu a boela a ipontsha ho barutuwa ba hae pela lewatle la Tiberiase; a ipontsha ka mokgwa ona:


Leo e ne e se e le la boraro leo Jesu a ipontshitseng ho barutuwa ba hae, hobane a tsohe bafung.


Leha ho le jwalo, ho ne ho se motho ya buang tsa hae pepeneneng, ka baka la ho tshaba Bajuda.


e leng bao e neng ere hobane a utlwiswe bohloko, a ileng a ipontsha bona, a se a phela, ka dipontsho tse ngata tse kgodisang, ba mmona ka matsatsi a mashome a mane, a ntse a bolela tsa mmuso wa Modimo.


Jwale, Modimo wa kgotso o be le lona bohle! Amen!


O kile a bonwa ke Kefase, hamorao ke ba leshome le metso e mmedi.


Hobane ke yena kgotso ya rona, e leng yena ya entseng ditjhaba tse pedi setjhaba se le seng, mme o rapaladitse lerako le neng le di kgaohantse.


Kgotso, le lerato, le tumelo di be le baena, di etswa ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste!


Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Jwale, Morena wa kgotso, yena ka sebele, a nne a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle! Morena a be le lona bohle!


ke yena eo Abrahama a bileng a mo abela karolo ya leshome ya tsohle, — eo mabitso a hae ha a fetolwa, la pele le reng, morena wa ho loka, la bobedi le re, morena wa Saleme, e leng ho re, morena wa kgotso;


empa ke tshepile hoba ke tla o bona kapele, le ho buisana le wena ka molomo.


Ke le Johanne, ke ngolla dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya neng a le teng, ya tla nne a be teng, le ke Meya e supileng e pela terone ya hae,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ