Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 20:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Jesu a re ho yena Maria! Yena a reteleha, a re ho yena: Rabuni! — ka seheberu ke ho re moruti. —

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Jesu a re ho yena: “Maria!” A reteleha, a re ho Jesu ka Seheberu: “Rabbuni!” ke ho re: Moruti!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Jesu a re ho yena: Maria! Yena a reteleha, a re ho yena: Rabboni; ke ho re: Monghadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Jesu a re ho yena: Maria! Yena a reteleha, a re ho yena: Rabboni; ke ho re: Monghadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 20:16
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora taba tseo, Modimo wa leka Abrahama. Wa re ho yena: Abrahama! A re: Ke nna enwa.


Yaba lengeloi a Jehova le mo howeletsa, le le lehodimong, la re: Abrahama! Abrahama! A re: Ke nna enwa.


Mme jwale, le bona ka mahlo le Benjamine, moenaka o bona ka mahlo hoba ke molomo wa ka o buang le lona;


Eitse ha Jehova a bona hobane o fapoha ho tla sheba, Modimo wa mmitsa o le hara sehlahla, wa re: Moshe! Moshe! A re: Ke nna enwa.


Ha ke re, ke ha o ka tsamaya le rona, hore, nna le setjhaba sa hao re tle re kgethehe ho ditjhaba tsohle tse lefatsheng?


Ke sa tswa ba feta, hang ka fumana ya ratwang ke moya wa me. Ka mo tshwara, mme ha ke a ka ka mo lesa, ke eso ho mo ise ka tlung ya mme, ka kamoreng ya ya nkemotseng.


Ke ne ke robetse, empa pelo ya me e ne e fadimeha ... Ke lentswe la moratuwa wa me! o a kokota: Mpulele, ngwaneso, thatohatsi ya ka, leebakgorwana la ka, mohlweki wa ka! Hobane hlooho ya ka e tletse phoka, thitsane ya ka e kolobile ke marothodi a bosiu.


Empa jwale, ho itswe ke Jehova, moetsi wa hao, Jakobo, le mmopi wa hao, Iseraele: Se tshabe, hobane ke o lopolotse, ke o bitsitse ka lebitso la hao, o wa ka!


Empa Jesu a phakisa a bua le bona, a re: Betang dipelo, ke nna, se tshabeng.


Jesu a bua, a re ho sona: O rata ha ke o etsetsang? Sefofu sa re ho yena: Rabboni, a nke ke boele ke bone.


Empa Jesu a araba, a re ho yena: Maretha, Maretha, o belaela, o ikgathatsa ka tse ngata;


Jesu eitse ha a reteleha, mme a ba bona ba mo latela, a re ho bona:


Nathanaele a re ho yena: O ntsebela kae? Jesu a araba, a re ho yena: Ke o bone, Filipi a eso ho o bitse, o le tlasa sefate sa feiye.


Molebedi wa monyako o ye a mmulele, mme dinku di utlwe lentswe la hae, mme a bitse dinku tsa hae ka mabitso a tsona, a di ise kantle.


Eitse hobane a bue jwalo, a ya bitsa Maria, ngwanabo, sephiring, a re: Moruti o teng, o a o bitsa.


Le mpitsa Moruti le Morena, mme le bolela hantle, hobane ke yena.


Thomase a araba, a re ho yena: Morena wa ka le Modimo wa ka!


A tla ho Jesu bosiu, a re ho yena: Rabbi, re a tseba hobane o moruti ya tswang ho Modimo; hobane ha ho motho ya ka etsang mehlolo eo o e etsang, ha Modimo o se ho yena.


Letsha le teetsweng hare ke mekgoro e mehlano le ne le le teng Jerusalema, monyakong wa Dinku, le bitswang Bethesda ka Seheberu.


Eitse ha ba mo fumana mose wane wa lewatle, ba re ho yena: Rabbi, o tlile neng mona?


A bona mohlolo ka hora ya boroba mono o le mong, a bontshisa lengeloi la Morena le etla ho yena, mme la re ho yena: Kornele!


A wela fatshe, a utlwa lentswe le reng ho yena: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?


Jwale Jehova a tla, a ema, a bitsa jwaloka hapele: Samuele! Samuele! Samuele a re: Bua, hobane mohlanka wa hao o mametse.


Jehova a boela a bitsa: Samuele! Samuele a tsoha, a tla ho Eli, a re: Ke nna enwa, hobane o mpitsitse. Eli a re: Ha ke a o bitsa, ngwana ka; kgutla, o robale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ