Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Johanne 20:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jesu a re ho yena: Mosadi, o llelang? O batla mang? Yena, ka ho lekanya hore ke molemi wa tshimo, a re ho yena: Monghadi, ha ekaba ke wena o mo tlositseng, mpolelle moo o mmeileng teng, ke tle ke ye, ke mo nke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Jesu a re ho yena: “Mosadi, o llelang? O batla mang?” Yena, ka ho hopola hore ke molemi wa serapa, a re ho yena: “Monghadi, haeba ke wena ya mo tlositseng, mpolelle moo o mmeileng teng, mme ke tla ya mo nka.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Jesu a re ho yena: Mosadi, o llelang? o batla mang? Yena, a lekanya hore ke molemi wa serapa, a re ho yena: “Monghadi, haeba o mo tlositse mona, mpolelle moo o mmeileng teng, mme ke tla mo tlosa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Jesu a re ho yena: Mosadi, o llelang? o batla mang? Yena, a lekanya hore ke molemi wa serapa, a re ho yena: “Monghadi, haeba o mo tlositse mona, mpolelle moo o mmeileng teng, mme ke tla mo tlosa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Johanne 20:15
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka re: Jwale, ke tla tsoha, ke ye ho mmatla kahohle motseng, diterateng le mapatlelong ke batle ya ratwang ke moya wa me. Ka mmatla, mme ha ke a ka ka mo fumana!


Moratuwa wa hao o ile kae, wena e motle hara basadi? Mokgotsi wa hao o lebile kae? Re tla mmatla le wena.


Madinyane a marabe, le ka bolela taba tse molemo jwang, le ena le lonya? Hobane molomo o buiswa ke seo pelo e tletseng sona.


Lengeloi la bua, la re ho basadi: Haele lona, le se ke la tshoha, hobane ke a tseba hoba le batla Jesu, ya kileng a thakgiswa.


Eo a mpa a re ho bona: Le se ke la tshoha. Le batla Jesu wa Nasaretha ya thakgisitsweng; o tsohile, ha a yo mona. Bonang, moo ba neng ba mmeile teng ke mona.


Empa, ka ho re, ekaba o letshweleng, ba tsamaya letsatsi le le leng, ba ntoo mmatla hara metswalle ya bona le bao ba tsebanang le bona.


Eitse basadi ha ba sa tshohile, ba kobotetse fatshe, ba re ho bona: Ya phelang na le mmatlelang hara bafu?


Jesu eitse ha a reteleha, mme a ba bona ba mo latela, a re ho bona:


Jesu, kahobane a ne a tseba tsohle tse tla mo hlahela, a tswela ho bona, a re ho bona: Le batla mang?


Yaba o boela a ba botsa, a re: Le batla mang? Ba re: Jesu wa Nasaretha.


A re ho yena: Mosadi, o llelang? A re ho wona: Ke kahobane ba tlositse Morena ka, mme ha ke tsebe moo ba mmeileng teng.


O se ke wa hloma eka lekgabunyane la hao ke moradi wa Beliale; athe ho fihlela la kajeno, ke ntse ke buiswa ke boholo ba tsietsi ya ka le ba bohloko ba ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ